Diproverbia 29 - Sesotho 1909/1961 (SO)1 Motho ya ntseng a kgalemelwa hangata, mme a itshatalatsa molala, o tla robeha hanghang, ho se le sehlare. 2 Mohla ba lokileng ba atang, setjhaba se ye se thabe; empa mohla ho busang e mobe, setjhaba se ye se lle. 3 Ya ratang bohlale o thabisa ntatae; empa ya thabelang diraburabu, o senya letlotlo la hae. 4 Ke ka ho loka morena a tiisang mmuso; empa ya amohelang dimpho o a o diha. 5 Motho ya qekisang wa habo o tjheha sefi maotong a hae. 6 Sebeng sa motho e mobe sefi se teng; empa ya lokileng o a bine, o a thabe. 7 Motho ya lokileng o utlwisisa nyewe ya bafumanehi; empa e mobe ha a e utlwisise, ha a e tsebe. 8 Basomi ba butswella mollo motseng; empa ba bohlale ba tima bohale. 9 Motho ya bohlale ha a tseka le lehlanya, a ke ke a bona kgotso, leha a halefa, leha a tsheha. 10 Ba lapetseng madi ba hloya motho ya phethehileng; empa ba lokileng ba sireletsa ho phela ha hae. 11 Lehlanya le hlahatsa kgalefo ya lona; empa ya bohlale o a e tshwara, o a e kgutsisa. 12 Ha morena a ka mamela mashano, bahlanka ba hae bohle ba tla ba babe. 13 Mosenyehi le mohlorisi ba kgahlana; ke Jehova ya ba edisang mahlo ba babedi. 14 Ha morena a ka ahlolela mofutsana ka ho loka, tulo tsa hae di tla tiya kamehla. 15 Thupa le kgalemelo di fa motho bohlale, empa mohlankana ya ipusang o hlabisa mmae dihlong. 16 Mohla ba babe ba tletseng, bokgopo bo a ata; empa ba lokileng ba tla ba bona ha ba ewa. 17 Laya mora wa hao, o tla o fa phomolo, a nyakalatse moya wa hao. 18 Tshenolo ha e le siyo, ha ho molao setjhabeng; empa ya bolokang molao, o lehlohonolo hakakang! 19 Mofo ha a bakiswe ka dipolelo; hobane, leha a ka utlwisisa, a ke ke a hlokomela. 20 O lemohile lehehle na? Lehlanya le ka tshepisa ho fetisa lona. 21 Mofo wa hao ha o mo etsa wa mpoane botjheng ba hae, hamorao o tla iketsa e mong wa bara ba hao. 22 Motho ya bohale o butswela dikgang; ya phakisang ho halefa, dibe tsa hae di ba ngata. 23 Boikgohomoso ba motho bo a mo kokobetsa, empa ya pelo e ikokobetsang o tla finyella kganyeng. 24 Ya arolelanang le leshodu o hloile moya wa hae; leha a hlapantshwa, ha a senole letho. 25 Ho tshaba batho ho isa sefing; empa ya tshepang Jehova o beilwe phahameng. 26 Ba bangata ba batla tjhadimo ya mmusisi; empa kahlolo ya motho e tswa ho Jehova. 27 Molotsana ke manyala ho ba lokileng; ya kgabane ke manyala ho motho ya kgopo. |
© Bible Society of South Africa 1961. Used with permission. All rights reserved.
Bible Society of South Africa