Diproverbia 13 - Sesotho 1909/1961 (SO)1 Ngwana ya bohlale o hlokomela thuto ya ntatae; empa mosomi ha a ele tayo sedi. 2 Motho o kgoriswa molemo ke tholwana tsa molomo wa hae; empa ba bolotsana bona ba tla ja tshenyeho. 3 Ya itebelang molomo o boloka moya wa hae; empa ya ntseng a bua haholo o tla wela timelong. 4 Pelo ya sekgoba e lakatsa kamehla, leha ho le jwalo, ha se rue letho; empa moya wa sekgothadi o a nona. 5 Ya kgabane o hloile polelo tsa leshano; empa ka tsona e mobe o ipatlela dihlong le nyediso. 6 Ho loka ho boloka ya lokileng tseleng tsa hae; empa bokgopo bo dihela moetsadibe. 7 O teng e mong ya iketsang morui, athe ha a na le letho; e mong o iketsa mofumanehi, athe o ruile haholo. 8 Leruo la motho le ka lopolla bophelo ba hae; empa mofutsana yena a ke ke a qalwa ke dira. 9 Lesedi la ba lokileng ke thabo; empa lebone la ba babe le a tima. 10 Boikgohomoso bo hlahisa phapang feela; empa bohlale bo ho ba mamelang keletso. 11 Maruo a batlilweng ka mano a tla nne a qephe; empa ya a bokellang ka ho sebetsa, o tla atelwa ke wona. 12 Tshepo ha e dieha ho phetheha, e babisa pelo; empa ha ho hlaha seo motho a se dumang, ke sefate sa bophelo. 13 Ya nyedisang lentswe o a itahla; empa ya tshabang molao o tla putswa. 14 Thuto ya motho ya bohlale ke sediba sa bophelo ho phephisa batho mamena a lefu. 15 Motsamao o kgabane wa motho ya molemo o a kgahleha; empa tsela ya ba bolotsana e thata. 16 Motho ya masene o etsa tsohle ka tsebo; empa ya lewatla o tsebahatsa bowatla ba hae. 17 Moromuwa e mobe o kudisa batho; empa moromuwa ya tshepehang o a fodisa. 18 Bofuma le dihlong ke tsa ya hanang ho lauwa; empa ya amohelang kgalemelo o tla hlomphuwa. 19 Takatso ha e phethehile e monate pelong, mme ho furalla bobe ke manyala ho mawatla. 20 Ya tsamayang le ba bohlale o tla hlalefa; empa ya tlwaelaneng le mawatla o tla senyeha. 21 Ditlokotsi di phallela baetsadibe; empa lehlohonolo ke moputso ho ba lokileng. 22 Motho e motle o siela ditloholo tsa hae lefa; empa maruo a moetsadibe a tla fuwa motho ya lokileng. 23 Tshimo ya mofutsana e bea dijo tse ngata; tshimo e nngwe e a nyopa ha e ruilwe ke ya hlokang ho loka. 24 Ya hlokisang mora wa hae thupa, o mo hloile; empa ya mo ratang o mo laya a sa le monyenyane. 25 Motho ya lokileng o a ja, a kgore hantle; haele dimpa tsa ba babe, di tla lapa. |
© Bible Society of South Africa 1961. Used with permission. All rights reserved.
Bible Society of South Africa