Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -

Dipesaleme 85 - Sesotho 1909/1961 (SO)


Thapelo ya setjhaba ha se kopa hore se boele se hauhelwe.
Ho monga baphokodi. Pesaleme ya bana ba Kore.

1 Jehova, o hlohonolofaditse naha ya hao, o kgutlisitse batshwaruwa ba Jakobo;

2 o tlositse makgopo a setjhaba sa hao, o apesitse dibe tsohle tsa sona. (Sela.)

3 O kgutsisitse bohale bohle ba hao, o timile mollo wa kgalefo ya hao.

4 O boele o re ahise, Modimo wa poloko ya rona, o fedise ho itshena ha hao bakeng sa rona.

5 Na o ka re halefela kamehla, wa tiisa bohale ba hao kamehla le mehla na?

6 Na o ke ke wa boela wa re pholosa, hore setjhaba sa hao se tle se o thabele na?

7 Oho Jehova, o re bontshe mohau wa hao, o re sitse ka poloko ya hao.

8 Ke tla mamela se bolelwang ke Modimo Jehova; hobane o re, kgotso e be ho setjhaba sa wona, le ho bakgethwa ba hae, ba mpe ba se ke ba kgutlela bohlanyeng!

9 Ruri, poloko ya wona e haufi le ba o tshabang, kganya e tle e ahe naheng ya rona.

10 Mohau le nnete di teane, ho loka le kgotso di akane;

11 nnete e mela lefatsheng, mme ho loka ho tadimile ho le mahodimong.

12 Efela, Jehova o tla nea lehlohonolo, naha ya rona e ntshe ditholwana tsa yona.

13 Ho loka ho tla tsamaya pela hae, ho re etsetsa tsela mehlaleng ya hae.

© Bible Society of South Africa 1961. Used with permission. All rights reserved.

Bible Society of South Africa
ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:



ကြော်ငြာတွေ