Dipesaleme 69 - Sesotho 1909/1961 (SO)Thapelo ya motho ya leng mahlomoleng. Ho monga baphokodi. Ka pina ya Shoshanime (mehaladitwe). Pesaleme ya Davida. 1 Modimo, mpoloke! hobane metsi a batla ho nka bophelo ba ka! 2 Ke tetebetse mokoting wa diretse, seretse se nyebella tlasa maoto a ka; ke tetebetse metsing a bodiba; maqhubu a wona a nkimela. 3 Ke kgathaditswe ke ho howa, mmetso wa ka o omeletse; mahlo a ka a fifala, ha ke ntse ke lebeletse Modimo wa ka. 4 Ba ntlhoileng feela ba bangata ho feta diqoba tsa moriri wa hlooho ya ka; bao e leng dira ho nna feela, ba ratang ba ka mpolaya, ba matla haholo; ke lefiswa le seo ke sa se utswang. 5 Oho Modimo, o tseba diphoso tsa ka, le ditlolo tsa ka ha di a pateha ho wena. 6 Morena, Jehova wa makgotla, ba o tshepang ba se ke ba hlajwa ke dihlong ka baka la ka; Modimo wa Iseraele, ba o batlang ba se ke ba swaba ka baka la ka. 7 Hobane ke ka baka la hao ke jereng ditshomo; sefahleho sa ka se kwahetswe ke dihlong. 8 Ke fetohile osele ho banabeso, ya sa tsejweng ho bara ba mme. 9 Hobane tjheseho ya ntlo ya hao e ntjele, mme dinyefolo tsa ba o nyefolang di nkwela hodimo. 10 Ha ke ntse ke lla ke itima dijo, hoo ho mphetohela nyediso; 11 ha nka ikapesa ka lesela le mahwashe le teng ke tsosa ditshomo tsa bona. 12 Ke entswe sesomo sa ba dutseng kgorong, matahwa a mpina ka dipina. 13 Haele nna, thapelo ya ka e nyolohela ho wena, Jehova, nakong e tshwanelehang. Oho Modimo, o nkarabe ka bongata ba mehauhelo ya hao, ka nnete ya poloko ya hao. 14 O nnyolle diretseng, mme o se ke wa ntesa ka tetebella teng, ke be ke bolokwe ho ba ntlhoyang le bodibeng ba metsi, 15 ke se ke ka imelwa ke maqhubu a wona, ke se ke ka hohlometswa ke bodiba, lebitla le se ke la kopetsa molomo wa lona hodima ka. 16 Nkutlwe, Jehova, hobane mohau wa hao o molemo; o retelehele ho nna ka mehauhelo ya hao e meholo, 17 mme o se ke wa patela mohlanka wa hao sefahleho sa hao, hobane ke matswalong; phakisa o nkarabe! 18 Atamela moya wa ka, o o boloke; o ntopolle ka baka la boithoriso ba dira tsa ka! 19 O tseba sekgobo sa ka le dihlong tsa ka le ho nyefolwa ha ka; ba ntwantshang ba pela mahlo a hao kaofela. 20 Dinyefolo di robile pelo ya ka, ke bohloko haholo; ke lebeletse ba nkgauhelang, mme ba hlokahetse; ka batla le batshedisi, mme ha ke bone le a mong. 21 Ba nneile nyoko e be dijo tsa ka, mme ho nyorweng ha ka ba nnositse asene. 22 Tafole ya bona a e ke e ba fetohele lemena le sefi boiketlong ba bona! 23 Mahlo a bona a ke a ntshofale, a lese ho bona; matheka a bona a ke a kgwehle kamehla! 24 O tshollele bohale ba hao hodima bona, mollo wa kgalefo ya hao o ba fihlele! 25 Meaho ya bona e ke e fetohe dithako, ho se ke ha eba motho ya dulang ditenteng tsa bona! 26 Hobane ba hlorisa eo o mo otlileng, ba rata ho bolela mahloko a bao o ba hlabileng. 27 O eketse makgopo a bona ka makgopo a mang, ba se ke ba eba le kabelo ho lokeng ha hao! 28 Ba hlakolwe bukeng ya ba phelang, ba se ke ba ngolwa le ba lokileng! 29 Haele nna, ke hlomohile, ke bohloko; thuso ya hao, Modimo, e ke e mpee nqalong e phahameng. 30 Ke tla rorisa lebitso la Modimo ka dithoko, ke le tumise ka dipoko; 31 hoo ho tla kgahlisa Jehova ho fetisa dipoho, dipoho tse dinaka le ditlhako. 32 Bahlomohi ba tla bona hoo, ba thabe. Pelo tsa lona a di ke di phele, lona ba batlang Modimo! 33 Hobane Jehova o mamela ba lesitsi, mme ha a nyedise ba hae ba holehilweng. 34 Mahodimo a a ke a mo rorise, le lefatshe, le mawatle, le tse utlwang ho tsona kaofela! 35 Hobane Modimo o tla boloka Sione, o tsose metse ya Juda; ba tla aha ho yona, e boele e be leruo la bona; 36 e tla ba lefa la ditloholo tsa bahlanka ba wona, mme ba ratang lebitso la wona ba tla nne ba ahe ho yona. |
© Bible Society of South Africa 1961. Used with permission. All rights reserved.
Bible Society of South Africa