Dipesaleme 56 - Sesotho 1909/1961 (SO)Tshepo ya motho ya balehang a se na molato. Ho monga baphokodi. Sefela sa Davida, sa mohla Bafilista ba mo tshwereng Gathe; se tle se binwe ka pina ya Jonath-Eleme-Rehokime (leeba la difate tsa diterebinthe tse hole). 1 Oho Modimo, o nkgauhele, hobane batho ba mpefeletswe, ba ntwantsha tsatsi lohle, ba ntuba; 2 ba ntwantshang ba mpefellwa tsatsi lohle, ba bangata ba ntwantshang ka boikgohomoso. 3 Empa ka letsatsi la tshoho, ke bea tshepo ya ka ho wena. 4 Ke ithorisa ka Modimo, ka lentswe la wona; ke itshepetse Modimo, ha ke tshabe letho: motho a ka nketsang? 5 Ba tsietsa, ba senya ditaba tsa ka ka dinako tsohle; mehopolo ya bona kaofela e lebile tshenyehong ya ka. 6 Ba lalla, ba nanara, ba hlwela mehato ya ka, hobane ba lebeletse sebaka sa ho tlosa bophelo ba ka. 7 Ba tshepile hobane ba tla phonyoha ka bokgopo ba bona. Oho Modimo, o dihele ditjhaba ka bohale ba hao! 8 O bala dipaleho tsa ka; o bokelle meokgo ya ka lekukeng la hao. Ha ke re, e ngodilwe bukeng ya hao na? 9 Ka letsatsi leo ke tlang ho bitsa ho wena, bao e leng dira ho nna ba tla suthela morao. Hoo ke ho tsebang, ke tseba hobane Modimo o na le nna. 10 Ke ithorisa ka Modimo, ka lentswe la wona; ke ithorisa ka Jehova, ka lentswe la hae. 11 Ke itshepetse Modimo, nke ke ka tshaba letho: motho a ka nketsang? 12 Oho Modimo, ke tlamilwe ke dikano tseo ke di entseng; ke tla o buseletsa diteboho. 13 Hobane o lwetse bophelo ba ka lefung, o bolokile maoto a ka ho weng, ke tle ke tsamaye pela hao, Modimo, leseding la ba utlwang. |
© Bible Society of South Africa 1961. Used with permission. All rights reserved.
Bible Society of South Africa