Dipesaleme 48 - Sesotho 1909/1961 (SO)Motse wa Modimo ha o na ho atamelwa. Sefela. Pesaleme ya bara ba Kore. 1 Jehova o moholo, o tshwanetse ho rokwa motseng wa Modimo wa rona, thabeng ya hae e halalelang. 2 Thaba ya Sione e phahame ka botle, ke thabo ya lefatshe lohle; moo e hlanamelang leboya ke motse wa Morena e moholo. 3 Matlung a teng a borena, Modimo o ipontshitse hoba ke qhobosheane. 4 Hobane bonang, marena a ne a bokane ho futhuhela motse hammoho. 5 A bona, mme a tsieleha hang; a tshoha, mme a baleha; 6 yaba a tshwarwa ke thothomelo le ke matswalo a kang a mosadi ha a beleha; 7 ha eba jwaloka mohla moya wa botjhabela o robakanyang dikepe tsa Tarshishe. 8 Seo re neng re se boleletswe, re iponetse sona motseng wa Jehova wa makgotla, motseng wa Modimo wa rona; Modimo o o tiisitse ka ho sa feleng. (Sela.) 9 Oho Modimo, re hopola mohau wa hao, ha re le tempeleng ya hao. 10 Thoko ya hao, Modimo, le lebitso la hao, a di ke di tume ho isa dipheletsong tsa lefatshe! Seatla se setona sa hao se tletse ho loka. 11 Thaba ya Sione a e ke e thabe, mme baradi ba Juda ba nyakalle ka baka la dikahlolo tsa hao. 12 Potang Sione le marako a hae, le bale ditora tsa hae, 13 le hlahlobe diqhobosheane tsa hae, le lekole matlo a borena a teng, le tle le tsebe ho bolella meloko e tlang ho tla. 14 Hobane Modimo oo ke Modimo wa rona kamehla le ka ho sa feleng; o tla re tsamaisa ho isa le lefung. |
© Bible Society of South Africa 1961. Used with permission. All rights reserved.
Bible Society of South Africa