Dipesaleme 44 - Sesotho 1909/1961 (SO)Thapelo ya Baiseraele ha ba hlotswe ke dira, leha ba sa ntsane ba tshepile Jehova. Ho monga baphokodi. Pesaleme ya bana ba Kore. Sefela. 1 Modimo, re utlwile ka ditsebe tsa rona, bontata rona ba re boleletse diketso tse phahameng tseo o di entseng mehleng ya bona, mehleng ya boholoholo. 2 O lelekisitse ditjhaba ka letsoho la hao, hore o ba bee tulong tsa tsona; wa fedisa ditjhaba, hore o ba atise. 3 Hobane ha ba ka ba hapa naha ka lerumo la bona, ha ba ka ba bolokwa ke letsoho la bona; empa ke ka le letona la hao, ke ka letsoho la hao le ka kganya ya sefahleho sa hao, hobane o ne o ba rata. 4 Modimo, ke wena Morena wa ka! o laole topollo ya Jakobo! 5 Ka wena re tla diha dira tsa rona, ka lebitso la hao re hatakele ba re tsohelang matla. 6 Hobane ha ke tshepe seqha sa ka, ha ke bolokwe ke lerumo la ka; 7 empa ke wena ya re namolelang direng tsa rona, ya tsielehisang ba re hloileng. 8 Re ithorisa ka Modimo ka matsatsi wohle; re tla roka lebitso la hao ka ho sa yeng kae! (Sela.) 9 Empa jwale, o re lahlile, o re apesitse dihlong, o lesitse ho tsamaya le makgotla a rona; 10 o re balehisitse pela dira, ba re hloileng ba ikela le kgapo; 11 O re neetse bona jwaloka dinku tse hlajwang, wa re qhalanyetsa hara ditjhaba; 12 o rekisitse lefeela ka setjhaba sa hao, ha o a ka wa thethesa theko ya sona. 13 O re etsa ntho e nyediswang ho ba ahileng pela rona, le tlako le sesomo ho ba re kopileng; 14 o re etsa tshomo hara ditjhaba, le komo ya hlooho hara merabe. 15 Dihlong tsa ka di pela mahlo a ka kamehla, maswabi a apesitse sefahleho sa ka, 16 ha ke utlwa lentswe la mosomi le la motlaki, ha ke bona sera le mohlorisi. 17 Re hlahetswe ke tseo kaofela; leha ho le jwalo, re ne re sa ka ra o lebala, re sa ka ra tlola selekane sa hao; 18 pelo tsa rona di ne di sa ka tsa o furalla, le maoto a rona a sa ka a kgeloha ditsela tsa hao, 19 ha o tla re thuhakanya dinaheng tsa diphokojwe, wa re apesa ka moriti wa lefu. 20 Hola ra lebala lebitso la Modimo wa rona, ra emisetsa modimo osele matsoho a rona, 21 na Modimo o ka be o sa ka wa tseba na? Athe o tseba makunutu a dipelo. 22 Empa feela, re bolawa ka baka la hao ka matsatsi wohle, re lekantswe le dinku tse hlajwang. 23 Phaphama! o robaletseng, Morena? O phaphame, o se ke wa re lahla ka ho sa feleng! 24 O re patellang sefahleho sa hao, o leballang bomadimabe ba rona le ho tujwa ha rona? 25 Hobane meya ya rona e tepelletse leroleng, mmele ya rona e kgomaretse mobu. 26 Tsoha ho tla re thusa; o re namolele ka baka la mohau wa hao! |
© Bible Society of South Africa 1961. Used with permission. All rights reserved.
Bible Society of South Africa