Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -

Dipesaleme 16 - Sesotho 1909/1961 (SO)


Modimo o tseba ho phemisa motho bohloki le lefu.
Sefela sa Davida.

1 Oho Modimo, o mpoloke, hobane ke tshabela ho wena.

2 Ke itse ho Jehova: Ke wena Morena wa ka; kantle ho wena ha ke na leruo le fetisang ka boholo.

3 Bakgethehi ba lefatsheng, banna ba borapedi ba sebele, ke bao ke kgahlwang ke bona.

4 Ho atiswa medimo ya bohata, ho nyehellwa medimo esele. Nke ke ka hlahisa ditshelo tsa yona tsa madi, mabitso a yona a ke ke a hlaha melomong ya ka.

5 Jehova ke kabelo ya ka, ke mohope oo ke o abetsweng; ke wena ya ntiiselletsang lefa la ka.

6 Ke neilwe kabelo ya ka nqalong tse ntle, le lefa la ka dinaheng tse kgahlehang.

7 Ke rorisa Jehova, hobane e bile moeletsi wa ka; esita le ka bosiu pelo ya ka e a nkeletsa.

8 Ke beile Jehova pela ka kamehla; nke ke ka sisinyeha, hobane o lehlakoreng la ka le letona.

9 Pelo ya ka e thabile ke hona, moya wa ka o nyakaletse, le yona nama ya ka e tla phomola ka tshepo;

10 hobane o ke ke wa tlohela moya wa ka nqalong ya bafu, o ke ke wa dumela hoba mokgethwa wa hao a bone ho bola.

11 O tla ntsebisa tsela ya bophelo. Kgora ya thabo e teng pela hao, le dinyakallo tse sa feleng tsohong la hao le letona.

© Bible Society of South Africa 1961. Used with permission. All rights reserved.

Bible Society of South Africa
ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:



ကြော်ငြာတွေ