Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -

Dipesaleme 149 - Sesotho 1909/1961 (SO)


Ho roriswa Modimo o neang setjhaba sa wona hlolo.

1 Bokang Jehova! Binelang Jehova sefela se setjha, a nne a rokwe phuthehong ya bakgethwa ba hae.

2 Iseraele a ke a ithabelle Mmopi wa hae; bana ba Sione a ba ke ba hlasimolohele morena wa bona!

3 Ba ke ba roke lebitso la hae ka mehobelo, ba mo rorise ka modumo wa meropa le wa diharepa!

4 Hobane Jehova o thabela setjhaba sa hae, o kgabisa bahlomohi ka ho ba pholosa.

5 Bakgethwa ba hae a ba ke ba ithabelle kganya, a ba ke ba tshele ditlatse tsa nyakallo malaong a bona.

6 Dithoko tsa Modimo di ke di be melomong ya bona, le marumo a mahale a mabedi diatleng tsa bona, ho sebetsa phetetso ditjhabeng,

7 le kgalemelo merabeng, ho tlama marena a tsona ka mahlaahlela,

8 le mahosana a tsona ka ditshepe;

9 ho phetha ho bona kahlolo e ngodilweng. Ke yona kganya e boloketsweng bakgethwa ba hae kaofela. Bokang Jehova!

© Bible Society of South Africa 1961. Used with permission. All rights reserved.

Bible Society of South Africa
ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:



ကြော်ငြာတွေ