Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -

Dipesaleme 130 - Sesotho 1909/1961 (SO)


Dillo tsa motho ha a le mahlomoleng a tshabehang.
Sefela sa Mahalothe.

1 Jehova, botebong ba bodiba ke bitsa ho wena!

2 Morena, utlwa lentswe la ka; ditsebe tsa hao a di ke di sekehelwe thapelo ya ka!

3 Jehova, ha o ka lotolotsa makgopo, ke mang ya ka emang pela hao, Morena?

4 Empa tshwarelo e teng ho wena, o tle o tshajwe.

5 Ke itshepetse Jehova, moya wa ka o mo tshepile, ke itshepisa ka pallo ya hae.

6 Moya wa ka o lebeletse Morena ka tebello e fetisang ya ba lebellang meso, ya ba lebellang meso.

7 Iseraele, o itshepele Jehova, hobane mohau o teng ho Jehova; topollo e kgolo e teng ho yena.

8 Ke yena ya tlang ho lopolla Iseraele makgopong a hae kaofela.

© Bible Society of South Africa 1961. Used with permission. All rights reserved.

Bible Society of South Africa
ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:



ကြော်ငြာတွေ