Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -

Dipesaleme 127 - Sesotho 1909/1961 (SO)


Kantle ho hlohonolofatso ya Modimo ha ho letho le ka tiyang.
Sefela sa Mahalothe. Sa Salomone.

1 Ekare haese Jehova ya hahang ntlo, ba e hahang ba sebeletsa lefeela; ekare haese Jehova ya bolokang motse, molebedi o fadimehela lefeela.

2 Ha ho thuso leha le tsoha le mafube, leha le robala e se e le ka phirimana, leha le ntse le eja bohobe ba kgathatso; Jehova o fa eo a mo ratang, a ntse a robetse.

3 Bonang, bara ke lefa la Jehova, mme tholwana ya popelo ya mosadi ke moputso.

4 Bana ba botjha ba rona ba jwaloka metsu letsohong la mohale.

5 Ho lehlohonolo motho eo kgohlopo ya hae e tletseng bona! A ke ke a swaba kgotla, mohla ho tsekwang ditaba le dira.

© Bible Society of South Africa 1961. Used with permission. All rights reserved.

Bible Society of South Africa
ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:



ကြော်ငြာတွေ