Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -

Dipesaleme 12 - Sesotho 1909/1961 (SO)


Pina ya motho ya ikgothatsang ha a teetswe hare ke bohata le lonya.
Ho monga baphokodi. Ka harepa ya dikgole tse robileng meno e le mmedi. Pesaleme ya Davida.

1 O re boloke, Jehova, etswe ba molemo ba fela, mme batshepehi ba timela hara bana ba batho.

2 Ba etsetsana mashano ba bang ho ba bang; qeko e melomong ya bona, ba bua ba ena le pelo tse pedi.

3 Jehova a ke a fedise melomo e qekang, le leleme le ikakasang ka tse kgolo,

4 e leng bona ba reng: Re tla qhala ka maleme a rona; melomo ke ya rona; ya ka re busang ke mang?

5 Ka baka la tsietsi ya bafumanehi, le la masisapelo a basenyehi, ke tla tsoha hona jwale, ho bolela Jehova, mme ke tla fa thuso ho ba hloriswang.

6 Mantswe a Jehova ke mantswe a hlwekileng, a jwaloka silefera e qhibilisitsweng fatshe, e bedisitsweng hasupa.

7 Ba tla bolokwa ke wena, Jehova, ka sebele; o tla ba sireletsa ho lesika lena ka ho sa yeng kae.

8 Ha bobe bo phahamiswa hara batho, bakgopo ba itsamaela hohle.

© Bible Society of South Africa 1961. Used with permission. All rights reserved.

Bible Society of South Africa
ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:



ကြော်ငြာတွေ