Dipesaleme 103 - Sesotho 1909/1961 (SO)Thoko e rokang Modimo wa mehauhelo yohle. Pesaleme ya Davida. 1 Boka Jehova, moya wa ka; tsohle tse ka ho nna a di ke di boke lebitso la hae le kgethehileng! 2 Boka Jehova, moya wa ka, o se ke wa lebala ditshitso tsohle tsa hae! 3 Ke yena ya tshwarelang makgopo a hao wohle, ya fodisang malwetse a hao kaofela. 4 O lopolla bophelo ba hao lebitleng, o o rwesa lereko le mehauhelo hloohong. 5 O kgorisa molomo wa hao ka tse molemo, mme botjha ba hao bo ntjhafala jwaloka ntsu. 6 Jehova o lokisetsa, o ahlolela bohle ba hatakelwang. 7 O ne a senolele Moshe ditsela tsa hae, a bontsha bana ba Iseraele diketso tsa hae tse phahamileng. 8 Jehova o mohau, o lereko, o dieha ho halefa, o ruile mehauhelo e mengata. 9 Ha a tsekise kamehla, hlonamo ya hae hase e sa feleng. 10 Ha a ka a re etsa kamoo dibe tsa rona di leng kateng, ha a ka a re putsa ka moputso wa makgopo a rona. 11 Empa jwaloka lehodimo ha le phahamile hodimo ho lefatshe, mohau wa hae o moholo jwalo ho ba mo tshabang. 12 Jwalokaha botjhabela bo le hole le bophirimela, o lahlela makgopo a rona jwalo hole le rona. 13 Jwalokaha ntata motho a hauhela bana ba hae, Jehova o hauhela jwalo ba mo tshabang. 14 Hobane o tsebisisa ho bopjwa ha rona, o elellwa hoba re lerole feela. 15 Motho, ditshiu tsa hae di jwaloka jwang; o kgaba jwaloka palesa ya naha; 16 ha moya o feta hodima yona, e se e le siyo, esita le tulo tsa yona ha di sa e tseba. 17 Empa mohau wa Jehova o hlola o le teng kamehla le mehla ho ba mo tshabang, le ho loka ha hae ho bana ba bana ba bona, 18 e leng ba bolokang selekane sa hae, ba elellwang ditaelo tsa hae ho di phetha. 19 Jehova o beile terone ya hae mahodimong, mme borena ba hae bo busa dintho tsohle. 20 Bokang Jehova, lona mangeloi a hae, bahale ba matla, ba phethang lentswe la hae, ba mamelang molomo wa hae! 21 Bokang Jehova, lona makgotla a hae kaofela, lona bahlanka ba hae kaofela, ba etsang ho ratwang ke yena! 22 Bokang Jehova, lona mesebetsi ya hae kaofela, nqalong tsohle tsa borena ba hae! Moya wa ka, o boke Jehova! |
© Bible Society of South Africa 1961. Used with permission. All rights reserved.
Bible Society of South Africa