Deuteronoma 34 - Sesotho 1909/1961 (SO)Ho shwa ha Moshe. 1 Moshe a tloha mahwatateng a Moabe, a nyolohela thabeng ya Nebo, qhoweng ya Pisga malebana le Jeriko; Jehova a mmontsha lefatshe lohle: naha yohle ya Gileade ho isa Dane, 2 le naha yohle ya Nefthali, le naha ya Efraime, le ya Manasse, le naha yohle ya Juda, ho isa Lewatleng la Bophirimela, 3 le naha e ka nqa borwa, le naha ya Jordane, le lehwatata la Jeriko, motse wa dipalema, ho isa Tsoware. 4 Jehova a re ho yena: Ke lona lefatshe leo ke anetseng Abrahama, Isaaka le Jakobo, ka re: Ke tla le nea ditloholo tsa lona. Ke o bontsha lona, o tle o le bone ka mahlo; empa u ke ke wa kena ho lona. 5 Moshe, mohlanka wa Modimo, a shwela hona teng, naheng ya Moabe, ka taelo ya Jehova. 6 A patwa naheng ya Moabe, sekgutlong se lebaneng le Bethe-Peore; empa ha ho motho ya tsebileng lebitla la hae ho fihlela letsatsing la kajeno. 7 Mohla Moshe a shwang, o ne a le dilemo tse lekgolo le nang le mashome a mabedi; mahlo a hae a ne a eso ho fifale; mme matla a hae a ne a eso ho kokobele. 8 Bana ba Iseraele ba llela Moshe, mahwatateng a Moabe, ka matsatsi a mashome a mararo; matsatsi a dillo le a bofifi ba Moshe a ba a fela. 9 Haele Joshua, mora Nune, o ne a tletse moya wa bohlale; hobane Moshe o ne a mmeile matsoho hodimo; bana ba Iseraele ba mo utlwa, mme ba etsa jwalokaha Jehova a ne a laetse Moshe. 10 Ha ho a ka ha boela ha eba moporofeta Iseraeleng ya jwaloka Moshe, eo Jehova a mo tsebileng, sefahleho se tadimane le sefahleho. 11 Ha ho e mong ya ileng a tshwana le yena ka dipontsho tsohle, le mehlolo eo Jehova a mo romileng ho e etsa naheng ya Egepeta, ho Faro, le ho bahlanka ba hae kaofela, le ho naha ya hae yohle; 12 le ka tsohle tseo a di entseng ka letsoho le matla, le ka letsoso lohle le leholo leo Moshe a le hlahisitseng pontsheng ya Baiseraele bohle. |
© Bible Society of South Africa 1961. Used with permission. All rights reserved.
Bible Society of South Africa