Deuteronoma 33 - Sesotho 1909/1961 (SO)Moshe o porofetela meloko ya Baiseraele lehlohonolo. 1 Ke yona hlohonolofatso Moshe eo monna wa Modimo, a hlohonolofaditseng bana ba Israele ka yona, a eso ho shwe. 2 A re: Jehova o tlile a etswa Sinai; o ba tjhabetse a etswa Seire; a kganya a le thabeng ya Parane; o tlile a etswa makgotleng a diketekete a kgethehileng; ka letsoho la hae le letona, a ba romela mollo wa molao. 3 Efela o rata ditjhaba; bakgethwa ba hae kaofela ba letsohong la hao; ba dula maotong a hao, ba amohela ditaba tsa hao. 4 Moshe o re laetse molao, e leng lefa la phutheho ya Jakobo. 5 E ne e le morena ho Jeshurune, ha dihlooho tsa setjhaba di ne di bokane di ena le meloko ya Iseraele. 6 Rubene a ke a phele, a se ke a shwa, mme palo ya batho ba hae e se ke ya eba nyenyane. 7 Hlohonolofatso ya Juda ke ena: Moshe a re: Jehova, utlwa lentswe la Juda, o mo ise setjhabeng sa hae; matsoho a hae a mo lwanele, mme o be thuso ya hae ho lwantsha dira tsa hae. 8 Haele bakeng sa Levi, a re: Thummime tsa hao le Urime tsa hao di ho mokhethwa wa hao ya o ratang, eo o mo lekileng Massa, eo o mo tsekisitseng metsing a Meriba; 9 ya itseng bakeng sa ntatae le mmae: Ha ke a ka ka ba bona; mme ha ba tsebe banababo, leha e le bana ba hae ha a ba tsebe; hobane ba tiisitse lentswe la hao, mme ba bolokile selekane sa hao. 10 Ba tla ruta Jakobo dikahlolo tsa hao, ba rute Iseraele molao wa hao. A ba ke ba o beele dibano dinkong tsa hao, le mahlabelo a phethehileng aletareng ya hao. 11 Jehova, hlohonolofatsa matla a bona, mme o amohele mosebetsi wa matsoho a bona! Hlaba matheka a ba ba tsohelang matla le a ba ba hloileng, ba tle ba se ke ba boela ba tsoha. 12 Haele bakeng sa Benjamine, a re: Ke moratuwa wa Jehova; o tla aha ka tshepo pela hae: o tla kgurumetswa ke Jehova, ka matsatsi wohle, mme o tla dula pakeng tsa mahetla a hae. 13 Haele bakeng sa Josefa, a re: Naha ya hae e tla hlohonolofatswa ke Jehova ka tse molemo haholo tsa mahodimo, ka phoka le ka tsa bodiba bo leng tlasa lehodimo; 14 le ka tse monate tse mediswang ke letsatsi le ka tse monate tse melang ka dikgwedi tsohle; 15 le ka tse molemo tsa dithaba tsa kgale, le ka tsa bohlokwa tsa maralla a kamehla, 16 le ka tse molemo tsa lefatshe, le ka ho tlala ha lona; mme mohau wa ya hlahileng sehlahleng o tle o dule hloohong ya Josefa, hloohong ya eo e leng morena hara banababo. 17 Bokgabane ba hae bo jwaloka ba letsibolo la dikgomo tsa hae, mme dinaka tsa hae di jwaloka dinaka tsa nare; ka tsona o tla hlaba ditjhaba tsohle ho isa dipheletsong tsa lefatshe; ke dikete tse mashome tsa Efraime, ke dikete tsa Manasse. 18 Haele bakeng sa Sabulone, a re: Thaba, Sabulone, ho tsweng ha hao; le wena Issaskare, o thabe ditenteng tsa hao. 19 Ba tla biletsa ditjhaba thabeng, ba hlahise mahlabelo a ho loka teng; hobane ba tla anya letlotlo la lewatle, le dintho tsa bohlokwa tse patilweng lehlabatheng. 20 Haele bakeng sa Gade, a re: Ho bokwe ya phatlalatsang Gade. Gade o ahile jwaloka tau e tshehadi, o harola letsoho le hlooho. 21 O ipatletse dilopotsiya tsa naha, kahobane kabelo ya mmei wa molao e boloketswe yena hona teng; o tsamaya le dihlooho tsa setjhaba; o entse ho loka ha Jehova le dikahlolo tsa hae, tseo a di laetseng Iseraele. 22 Haele tsa Dane, a re: Dane ke tauana, o tla tlola, a le Bashane. 23 Haele tsa Nefthali, a re: Nefthali, o kgotshe melemo, mme o tletse hlohonolofatso ya Jehova. Rua Bophirimela le Borwa. 24 Haele bakeng sa Asere, a re: Asere o tla hlohonolofatswa ke bana, o tla ratwa ke banababo, mme a tsobunye maoto a hae oleng. 25 Mekwallo ya hao ke ya tshepe le ya koporo, mme matla a hao a tla lekana le matsatsi a hao. 26 Jeshurune, ha ho ya tshwanang le Modimo; ya o tiisang o kaletse mahodimo le maru bokgabaneng ba hae. 27 Modimo wa kamehla ke setshabelo sa hao, mme matsoho a sa feleng a katlasa hao. O lelekisa dira pela hao, o re: Di fediswe! 28 Iseraele o tla aha ka tshepo a nnotshi; sediba sa Jakobo se kolla naheng ya koro le ya veine e ntjha, mme mahodimo a Jakobo a qhitsa phoka. 29 O lehlohonolo hakakang, Iseraele! Setjhaba ke sefe se tshwanang le wena, setjhaba se pholositsweng ke Jehova, e leng thebe ya thuso ya hao, le lerumo la boholo ba hao? Dira tsa hao di tla ikokobetsa pela hao, mme o tla hatakela nqalo tsa bona tse phahameng. |
© Bible Society of South Africa 1961. Used with permission. All rights reserved.
Bible Society of South Africa