Deuteronoma 23 - Sesotho 1909/1961 (SO)Batho ba se nang ho kena phuthehong. 1 Monna ya lehaole, kapa e leng ya entsweng lona ka kotsi, kapa e leng ya entsweng lona ke batho ka thipa, a ke ke a kena phuthehong ya Jehova. 2 Ya tswetsweng ka bohlola a ke ke a kena phuthehong ya Jehova, esita le ditlohotloholwana tsa hae tsa leloko la leshome di ke ke tsa kena phuthehong ya Jehova. 3 Moammone le Momoabe ba ke ke ba kena phuthehong ya Jehova; esita le ditlohotloholwana tsa bona tsa leloko la leshome di ke ke tsa kena phuthehong ya Jehova, le ka mohla o le mong; 4 kahobane ha ba ka ba tla le kgahlanyetsa tseleng ka bohobe le ka metsi, mohla le tswang Egepeta; le kahobane ba ne ba putse Balaame, mora Peore, wa Pethore naheng ya Mesopotamia, hore a o rohake. 5 Leha ho le jwalo, Jehova, Modimo wa hao, ha a ka a dumela ho utlwa Balaame, empa Jehova, Modimo wa hao, thohako eo o o fetoletse yona hlohonolofatso, kahobane Jehova, Modimo wa hao, o a o rata. 6 O se ke wa ba batlela kgotso, leha e le molemo, ka matsatsi wohle a hao. 7 O se ke wa hloya Moedomo, hobane ke ngwaneno; o se ke wa hloya Moegepeta, hobane o ne o le mojaki naheng ya hae. 8 Bana ba bona, ba tswallwang bona molokong wa boraro wa ditloholwana, ba tla kena phuthehong ya Jehova. Diahelo di hlweke. 9 Ha o futuhela dira tsa hao, o itshabise tsohle tse mpe. 10 Ekare ha e mong wa heno a sa hlweka ka baka la taba e mo hlahetseng bosiu, a tswele kantle ho diahelo, mme a se ke a kena diahelong. 11 Ha e se e batla e eba mantsiboya, a ke a itlhatswe ka metsi, mme a boele diahelong, ha letsatsi le diketse. 12 O be le nqalo kantle ho diahelo eo o tswelang ho yona, mohlabeng. 13 O be le kepa diphahlong tsa hao, mme ha o etswa ho ya dula kantle, o tjheke sekoti ka yona, o ntoo kwahela se tswileng ho wena. 14 Hobane Jehova, Modimo wa hao, o tsamaya hara diahelo tsa hao ho o boloka, le ho neela dira tsa hao matsohong a hao. Diahelo tsohle tsa hao di ke di hlweke ke hona, mme Jehova a se ke a bona taba e ditshila ha hao, a tle a se ke a o furalla. Makgoba a thobang. 15 Mohlanka ya tshabetseng ha eno, ya balehelang monga hae, o se ke wa mo busetsa ho monga hae; 16 a mpe a dule le wena, haeno, nqalong eo a tla e kgetha motseng o mong wa hao, moo a tla rata teng; mme o se ke wa mo tshwenya. Dimpho tse etswang ka meputso ya bohlola. 17 Ho se ke ha eba seotswa hara baradi ba Iseraele; hape, ho se ke ha eba le a mong wa bara ba Iseraele ya ineelang bohlola. 18 O se ke wa hlahisa ka tlung ya Jehova, Modimo wa hao, moputso wa seotswa, leha e le theko ya ntja, bakeng sa kano eo o itlamileng ka yona; hobane ntho tse pedi tseo ke manyala pela Jehova, Modimo wa hao. Phahello. 19 O se ke wa adima ngwaneno ka ho batla phahello ya ditjhelete, kapa phahello ya dijo, leha e le phahello ya dintho tse ding tse ka namuwang ka phahello. 20 O ka adima moditjhaba ka ho batla phahello; o mpe o adime ngwaneno o sa batle phahello, hore Jehova, Modimo wa hao, a tle a o hlohonolofatse mesebetsing yohle ya matsoho a hao naheng eo o yang ho e rua. Dikano. 21 Etlere ha o itlamile ka kano ho Jehova, Modimo wa hao, o se ke wa dieha ho e phetha; hobane Jehova, Modimo wa hao, o tla e botsa ho wena, mme sebe se tla ba teng ha o ka dieha. 22 Empa ha o sa itlame ka kano, sebe se tla ba siyo ho wena. 23 Se boletsweng ke melomo ya hao, o se hopole, o se etse kamoo o itlamileng ho Jehova kateng, Modimo wa hao, e be mpho ya boithatelo ba hao, e boletsweng ke melomo ya hao. Morara le diqwapi tse salang masimong. 24 Ha o kena tshimong ya wa heno ya morara, o ka ja ditholwana tsa wona kamoo o lakatsang kateng, wa ba wa kgora; empa ha o tloha teng, o se ke wa nka letho serotong sa hao. 25 Leha o kena tshimong ya wa heno ya koro, o ka kga diqwapi ka matsoho a hao, o mpe o se ke wa kenya sekele korong ya wa heno. |
© Bible Society of South Africa 1961. Used with permission. All rights reserved.
Bible Society of South Africa