Deuteronoma 20 - Sesotho 1909/1961 (SO)Ba se nang ho ya ntweng. 1 Etlere ha o futuhela dira tsa hao, mme o bona dipere, le makoloi, le batho ba o fetisang ka bongata, o se ke wa ba tshaba, hobane Jehova, Modimo wa hao, ya o ntshitseng naheng ya Egepeta, o na le wena. 2 Etlere ha le se le ya lwana, moprista a ke a atamele, a bue le setjhaba, 3 a re ho bona: Baiseraele, mamelang! Kajeno, le ya atamela dira tsa lona ho di lwantsha. Pelo tsa lona di se ke tsa fokola, mme le se tshabe, le se makale, mme le se tshohe ka baka la tsona; 4 hobane Jehova, Modimo wa lona, o tsamaya le lona ho le lwantshetsa dira tsa lona, le ho le namolela. 5 Bahlahlobi ba tla bua le setjhaba, ba re: Motho ke ofe ya hahileng ntlo e ntjha, mme ha a eso ho e kgakole na? A ke a tlohe, a kgutlele tlung ya hae, esere mohlomong a shwa ntweng, mme ya kgakolwa ke e mong. 6 Motho ke ofe ya hlomileng morara, mme ha a eso ho kge ditholwana tsa wona na? a ke a tlohe, a kgutlele tlung ya hae, esere mohlomong a shwa ntweng, mme ditholwana tsa wona tsa kguwa ke e mong. 7 Motho ke ofe ya lebeleditseng mosadi, mme ha a eso ho mo nyale? A ke a tlohe, a kgutlele tlung ya hae, esere mohlomong a shwa ntweng, mme mosadi a nyalwa ke e mong. 8 Bahlahlobi ba tla eketsa ho bua le setjhaba, ba re: Motho ya lekwala, ya nang le pelo e boi, ke ofe na? A ke a tlohe, a kgutlele tlung ya hae, esere mohlomong pelo tsa banababo tsa qhibidiha jwaloka ya hae. 9 Mme etlare ha bahlahlobi ba qetile ho bua le setjhaba, ba tla bea balaodi ba makgotla ho tsamaisa setjhaba. Thibello ya metse. 10 Etlere ha o atametse motse ho o lwantsha, o o beele tsa kgotso; 11 mme ekare ha batho ba motse ba o nea karabo ya kgotso, mme ba o bulela dikgoro tsa wona, batho bohle ba wona ba tla o ntshetsa lekgetho, ba o sebeletse. 12 Ha ba hana ho etsa kgotso le wena, ba mpa ba re ba lwana le wena, teng o tla thibella motse. 13 Ha Jehova, Modimo wa hao, a o neela matsohong a hao, o tla bolaya ba batona bohle ka bohale ba lerumo. 14 Haele basadi, le bana, le dikgomo, le tsohle tsa motse, thepa yohle ya wona, o ikgapele tsona, mme o je thepa ya dira tsa hao, eo o e neilweng ke Jehova, Modimo wa hao. 15 Etsa jwalo ka metse yohle e hole haholo le wena, eo e seng metse ya ditjhaba tsena. 16 Empa haele metse ya ditjhaba tsena Jehova, Modimo wa hao, a o fang lefatshe la tsona ho le rua, o se ke wa lesa ntho e phefumolohang e phela; 17 o mpe o ba neele anathema e leng Bahethe, le Baamore, le Bakanana, le Baferese, le Baheve, le Bajebuse, jwalokaha Jehova, Modimo wa hao, a o laetse; 18 hore ba tle ba se ke ba le ruta ho etsa manyala wohle a bona, e leng manyala ao ba a etsetsang medimo ya bona, mme le se sitelwe Jehova, Modimo wa lona. 19 Etlare ha o thibella motse o mong ka matsatsi a mangata o ntse o o lwantsha ho o kena, o ke ke wa senya difate ka ho di rema ka selepe, o mpe o je ditholwana tsa tsona, mme o se ke wa di rema hore o ithuse ka tsona. Hobane sefate se naheng na ke motho hore se lwantshwe ke wena na? 20 Empa difate tseo le tsebang hobane ha se tse behang dijo, o ka di senya wa di rema, mme ka tsona wa haha mesebetsi ya ho thibella motse o nang le ntwa le wena o be o kenwe ke wena. |
© Bible Society of South Africa 1961. Used with permission. All rights reserved.
Bible Society of South Africa