Baahlodi 3 - Sesotho 1909/1961 (SO)1 Ke tsena ditjhaba tseo Jehova a kileng a di siya, ho leka ka tsona Baiseraele, e leng bohle ba sa kang ba bona dintwa tsohle tsa Kanana. 2 Ya eba hore masika a bana ba Iseraele a tsebe, mme a ithute ntwa, e leng ao a sa kang a tseba ntwa tsa pele. 3 Ke marena a mahlano a Bafilesta, le Bakanana kaofela, le Basidone, le Baheve ba ahileng thabeng ya Lebanone, ho tloha thabeng ya Baale-Hermone ho isa makgalong a Hamathe. 4 Tjhaba tsena tsa eba teng ho leka Baiseraele, hore ho tle ho tsejwe ha ekaba ba tla mamela ditaelo tseo Jehova a neng a di laele bontata bona ka Moshe. 5 Ha ho le jwalo, bana ba Iseraele ba nna ba aha hara Bakanana, le Bahethe, le Baamore, le Baferese, le Baheve, le Bajebuse. 6 Ba nyala baradi ba bona, ba nea bara ba bona baradi ba bona, mme ba sebeletsa medimo ya bona. Othniele. 7 Bana ba Iseraele ba etsa ho leng hobe pela Jehova, ba lebala Jehova, Modimo wa bona, ba sebeletsa boBaale le boAshtarothe. 8 Yaba kgalefo ya Jehova e tukela Baiseraele, mme a ba rekisetsa matsohong a Kushane-Risheathaime, morena wa Mesopotamia, mme bana ba Iseraele ba ruwa ke Kushane-Risheathaime ka dilemo tse robileng meno e le mmedi. 9 Yaba bana ba Iseraele ba howeletsa ho Jehova, mme Jehova a hlahisetsa bana ba Iseraele monamoledi ya ba namolelang, e leng Othniele, mora Kenase, moena Kalebe. 10 Moya wa Jehova wa eba ho yena; a ahlolela Iseraele, a lwana; mme Jehova a neela Kushane-Risheathaime, morena wa Mesopotamia, matsohong a hae. Letsoho la hae la hlola Kushane-Risheathaime. 11 Mme lefatshe la phomola ka dilemo tse mashome a mane; mme Othniele, mora Kenase, a timela. Ehude. 12 Yaba bana ba Iseraele ba boela ba etsa ho leng hobe pela Jehova, mme Jehova a tsosa Eglone, morena wa Moabe, hore a lwantshe Baiseraele, kahobane ba entse ho leng hobe pela Jehova. 13 Eglone a iphuthela bana ba Ammone le Baamaleke, a ya a hlola Baiseraele, mme ba rua motse wa Dipalema. 14 Bana ba Iseraele ba ruwa ke Eglone, morena wa Moabe, ka dilemo tse leshome le metso e robileng meno e le mmedi. 15 Yaba bana ba Iseraele ba howeletsa ho Jehova, mme Jehova a ba hlahisetsa monamoledi, Ehude, mora Gera, Mobenjamine, monna ya leqele. Bana ba Iseraele ba romela nyehelo ka yena ho Eglone, morena wa Moabe. 16 Ehude a iketsetsa sabole e mahale a mabedi, bolelele ba yona e le setswe se le seng; mme a e tlama seropeng sa hae se setona katlasa dikobo tsa hae. 17 A beela Eglone, morena wa Moabe, nyehelo. Eglone yena e ne e le motho ya nonneng haholo. 18 Eitse hobane Ehude a qete ho beela Eglone nyehelo, a kgutlisa batho ba neng ba tlisitse nyehelo. 19 Haele yena, a kgutla mefarong e pela Gilgale, a re: Ke na le taba ya lekunutu le wena, morena! Eglone a re: Kgutsang! Yaba batho kaofela ba nang le yena ba tloha ho yena. 20 Ehude a mo atamela a dutse tlung ya hae ya lehlabula a le nnotshi, mme Ehude a re ho yena: Ke o tliseditse taba e tswang ho Modimo. Mme Eglone a tloha setulong sa hae. 21 Yaba Ehude o isa letsoho la hae le letshehadi, a tshwara sabole lethekeng le letona la hae, a mo hlaba mpeng. 22 Mme theko ya sabole ya kena kamora tshepe, mme mafura a patisa tshepe, a ba a sitwa ho ntsha tshepe mpeng, ya ya ho tswela ka kwana. 23 Ehude a ntoo tswa ka mathule, a kwalla morena ka mamati a ntlo e kahodimo, mme a a tiisa ka senotlolo. 24 Eitse hobane a tswe, bahlanka ba Eglone ba tla, ba tadima, ba bona mamati a ntlo e kahodimo a kwetswe ka senotlolo; ba re: Ekaba o ikgurumeditse maoto tlung ya hae ya lehlabula. 25 Ba lebella jwalo, ba ba ba belaela, ha ba bona a sa bule menyako ya ntlo e kahodimo; yaba ba nka senotlolo, ba bula, ba bona monga bona a rapaletse fatshe, a shwele. 26 Ehude a mpa a baleha, ha ba ntse ba dikadika, a feta merafo, a balehela Seira. 27 Eitse ha a fihlile teng, a letsa terompeta thabeng ya Efraime, mme bana ba Iseraele ba theoha le yena thabeng, a ba eteletse pele. 28 A re ho bona: Ntateleng, etswe Jehova a neetse Bamoabe, dira tsa lona, matsohong a lona. Ba theoha, ba mo sala morao, mme ba tshwara madiboho a Jordane mabapa le Moabe, ba se ke ba dumella motho ho tshela. 29 Mohlang oo, ba bolaya Bamoabe ba batlileng ho ba dikete tse leshome, e bileng bohle bahale le dinatla, ho se ke ha phonyoha le a mong. 30 Tsatsing leo Bamoabe ba kokobetswa ke Baiseraele, mme lefatshe la phomola ka dilemo tse mashome a robileng meno e le mmedi. Shamgare. 31 Kamora Ehude, Shamgare, mora Anathe, a bolaya Bafilesta ba makgolo a tsheletseng ka tsenene ya dipholo, a namolela Iseraele le yena. |
© Bible Society of South Africa 1961. Used with permission. All rights reserved.
Bible Society of South Africa