Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -

2 BaThesalonika 2 - Baasraak Sotho NT

1 Jwale, banabeso, re a le rapela ka ho tla ha Morena wa rona Jesu Kreste, le ka ho phuthehela ha rona ho yena.


2 BaThesalonika 2

2 Le tle le se ke la phakisa la sisinyeha mehopolong, leha e le ho tshoswa, leha e le ka moya, leha e le ka dipolelo, leha e le ka lengolo le tswang ho rona, kamoo letsatsi la Kreste le atamelang kateng.

3 Ho se be motho ya le kgelosang ka mokgwa ofe kapa ofe, hobane letsatsi leo le ke ke la tla, ntle le hore ho kgelohe pele ho tle, mme monna eo wa sebe a senolwe, mora tahleho;

4 Ke yena ya hanyetsang, ya iphahamisang kahodimo ho tsohle tse bitswang Modimo, kapa tse kgumamelwang; hoo yena jwaloka Modimo a dutseng tempeleng ya Modimo, a iponahatsa e le Modimo.

5 Ha le hopole hore ke sa na le lona, ke le boleletse taba tseo na?

6 Mme jwale le tseba se thibang hore a senolwe mehleng ya hae.

7 Hobane sephiri sa bokgopo se se se ntse se sebetsa;

8 Ke moo ho tla senolwa ya kgopo, eo Morena a tlang ho mo timetsa ka moya wa molomo wa hae, mme a mo fedise ka ponahalo ya ho ba teng ha hae.

9 yena eo ho tla ha hae ho leng ka tshebetsong ya Satane, ka matla wohle, le ka dipontsho, le meeka ya leshano;

10 le ka thetso yohle ya ho se loke ho ba timelang; hobane ha ba a ka ba amohela lerato la nnete, hore ba tle ba bolokehe.

11 Ka baka leo, Modimo o tla ba romela thetso e matla, hore ba dumele leshano.

12 e le hore bohle ba sa kang ba dumela nnete ba ahlolwe, empa ba natefetswe ke ho se loke.

13 Empa rona re tshwanetse ho leboha Modimo kamehla ka baka la lona, banabeso ba ratwang ke Morena, hobane Modimo o le kgethetse ho tloha tshimolohong, hore le tle le bolokehe ka kgalaletso ya Moya le ka ho dumela nnete.

14 Ke tseo a le bileditseng tsona ka Evangeli ya rona, le tle le fumane kganya ya Morena wa rona Jesu Kreste.

15 Ka baka leo, banabeso, emang le tiile, le tshwarelle meetlo eo le e rutilweng, leha e ka ba ka lentswe kapa ka lengolo la rona.

16 Jwale, Morena wa rona Jesu Kreste ka sebele, le Modimo, Ntata rona, ya re ratileng, mme ka mohau wa rona a re nea matshediso a sa feleng le tshepo e molemo.

17 Homotsa dipelo tsa lona, mme le le tiise dipolelong tsohle le mesebetsing yohle e molemo.

Copyright of City Bible Foundation in cooperation with Baasraak Bible Translation from Baasraak Media © 2023.

City Bible Foundation
ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:



ကြော်ငြာတွေ