Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Tshenolo 9:20 - BIBELE

20 Ha e le batho ba sa kang ba bolawa ka dikotlo tsena, ha ba a ka ba bakela mesebetsi ya bona; ba nnile ba tswela pele ho kgumamela bademona, ditshwantsho tsa medimo ya bohata, tsa kgauta, le tsa silefera, le tsa lethose, le tsa lejwe, le tsa lehong, tse ke keng tsa bona, kapa tsa utlwa, kapa tsa tsamaya.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

20 Mme batho ba setseng, ba sa kang ba bolawa ke dikotsi tseo, ha ba ka ba baka mesebetsing ya matsoho a bona, mme ha ba ka ba lesa ho rapela batemona, le medimo ya kgauta, le ya silefera, le ya koporo, le ya majwe, le ya mahong, e sa tsebeng ho bona, le ho utlwa, le ho tsamaya.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

20 Le banna ba bang ba neng ba sa ka ba bolawa ke dikotsi tsena, ha ba a ka ba bakela mesebetsi ya matsoho a bona, hore ba se ke ba kgumamela batemona, le ditshwantsho tsa kgauta, le tsa silevera, le tsa koporo, le tsa lejwe, le tsa lehong. a ka bona, leha e le ho utlwa, kapa a tsamaya;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

20 Le banna ba bang ba neng ba sa ka ba bolawa ke dikotsi tsena, ha ba a ka ba bakela mesebetsi ya matsoho a bona, hore ba se ke ba kgumamela batemona, le ditshwantsho tsa kgauta, le tsa silevera, le tsa koporo, le tsa lejwe, le tsa lehong a ka bona, leha e le ho utlwa, kapa a tsamaya;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Tshenolo 9:20
43 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ke kahobane ba mphuraletse, ba tjhesetsa medimo e meng mokubetso, ba nkgalefisa ka mesebetsi yohle ya bona. Ka baka leo, kgalefo ya ka e tla tlokomela sebaka sena, mme e ke ke ya tingwa.


Ka nako ya ditsietsi tsena tsa hae, yena kgosi Akase eo a sitelwa Morena le ho feta.


Ba mphuraletse, mme ba tjheseditse medimo e meng mokubetso, ba nkgalefisa ka mesebetsi yohle ya bona. Ka baka leo, kgalefo ya ka e tla tlokomela sebaka sena, mme e ke ke ya tingwa.’


Ba etsetsa bademona mahlabelo, ka bara le baradi ba bona.


Naha ya sona e tletse medimo ya bohata, se kgumamela mesebetsi ya matsoho a sona, mesebetsi e bopilweng ke menwana ya sona.


Kahoo sebetli se kgothatsa lelala la kgauta, ya photlang ka noto o kgothatsa sefuthi, o re ho sona: “E kopane hantle!” O kgokgothela modimo wa bohata ka dipekere, e le hore o tiye, o se ke wa ketoha.


Tjhaba seo sa ka ke tla se ahlola, ke se ahlolele bokgopo ba ho mphuralla, ba ho etsa mahlabelo, ho a etsetsa medimo esele, ho kgumamela medimo e entsweng ka matsoho a sona.


Le se ke la latela medimo esele, la e sebeletsa, la e kgumamela; le se ke la mphephetsa, la nkgalefisa ka mesebetsi ya matsoho a lona, mme ha nka ke ka le hlokofatsa.


Keng ha le nkgalefisa ka mesebetsi eo le e etsang ya ho tjhesetsa medimo esele mokubetso naheng ee ya Egepeta eo le tlileng ho jaka ho yona, hore le tle le timetswe, le rohakehe, le nyedisehe hara ditjhaba tsohle tsa lefatshe?


Morena, ha ke re wena o batla nnete? O ba otlile, ha ba a utlwa bohloko; o ba kgahlotse, ha ba a boela tseleng, ba thatafaditse fahleho tsa bona sa lejwe, ba hanne ho bakela dibe tsa bona.


“Batho bohle ke dithoto, le tsebo ha ba na yona, malala wohle a kgauta a hlabiswa dihlong, a hlabiswa dihlong ke medingwana, medingwana ena ya wona ke ya leshano, medingwana ena ya wona ha e phefumolohe.


O ikgohomoseditse Morena ya lehodimong. Ba o tliseditse dinwelo tse tswang ka Tempeleng ya hae, mme wena le mahosana a hao, le basadi ba hao, le basadi ba hao ba mafielo, le nweletse veine ka ho tsona. O ile wa rorisa medimo ya silefera, le ya kgauta, le ya lethose, le ya tshepe, le ya lehong, le ya lejwe, e sa boneng, e sa utlweng, e sa tsebeng letho. Empa ha o a ka wa tlotlisa Modimo eo bophelo ba hao le metsamao yohle ya hao e leng ka letsohong la hae.


Ba nwa veine, ba rorisa medimo ya kgauta, le ya silefera, le ya lethose, le ya tshepe, le ya lehong, le ya lejwe.


Ba se ke ba hlola ba nyehella medingwana ya diphooko eo ba e setseng morao, ba e kgumamelang. Ona e tla ba molao wa mehla yohle wa bona, le wa ditloholo tsa bona.’


Medingwana ya lona ke tla e pshatlaka, le ditshiya tsa lona tse halalelang; ha le sa tla hlola le obamela mesebetsi ya lona, e leng mesebetsi ya matsoho a lona.


Johanne o tlile ho lona ka tsela ya ho loka, mme ha le a ka la mo dumela, empa balekgetho le diotswa ba ile ba mo dumela. Feela leha le bone, ha le a ka la ikwahlaya hamorao, la mo dumela.”


“Kaha re le bana ba Modimo, ha re a tshwanela ho hopola hore bomodimo bo tshwana le kgauta, silefera kapa lejwe le betlilweng ka tsebo le ka bohlale ba motho.


Le a bona, mme le a utlwa hore Paulosi enwa o re medimo e entsweng ke batho hase medimo, mme o kgelositse letshwelehadi, e seng mona Efese feela, empa e batla e le Asia yohle.


Matsatsing ao ba bopa namane, ba tlisetsa setshwantsho seo sehlabelo, ba thabela mesebetsi ya matsoho a bona.


Hape, esere ha ke fihla, Modimo wa ka a nkokobetsa hara lona, ka tla ka llela ba bangata ba ileng ba etsa sebe ka nako e fetileng, empa ba eso bakele ditshila, le bohlola, le diketso tse manyala tseo ba di entseng.


Ke a tseba hore kamora lefu la ka ruri le tla itshilafatsa, le kgelohe tsela eo ke le laetseng yona. Hamorao bomadimabe bo tla le wela hodimo, ha le etsa bokgopo mahlong a Morena, le mo halefisa ka mesebetsi eo le e etsang.”


Ba etsa mahlabelo, ba a etsetsa bademona, e seng Modimo, ba hlabela medimo eo ba sa kang ba e tseba, ba hlabela medimo e metjha, medimo eo bo-ntata bona ba sa kang ba e tshaba.


Le tla sebeletsa medimo e bopilweng ka matsoho a motho; medimo ya lehong, le ya lejwe, e sa boneng, e sa utlweng, e sa jeng, e sa fofoneleng.


Moya o bolela ka ho totobala hore mehleng ya morao ba bang ba tla kwenehela tumelo, ba kgomarele meya e kgelosang, le dithuto tsa bademona,


Jwale lehodimong ka bona pontsho e nngwe e kgolo, e makatsang: mangeloi a supileng a nkileng dikotlo tse supileng tsa ho qetela, tse tla phethahatsa kgalefo ya Modimo.


Lengeloi la bone la qhalla lefiswana la lona hodima letsatsi, mme letsatsi la dumellwa ho tjhesa batho ka lebatama.


Matla a dipere tseo a melomong le mehatleng ya tsona. Mehatla ya tsona e tshwana le dinoha, e na le dihlooho tseo e senyang ka tsona.


Ha ba a ka ba bakela dipolao tsa bona, kapa boloi ba bona, kapa bohlola ba bona, kapa boshodu ba bona.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ