Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Tshenolo 9:18 - BIBELE

18 Karolo ya boraro ya batho ya bolawa ka dikotlo tsena tse tharo, e leng mollo, le mosi, le sebabole, tse betsehang melomong ya tsona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

18 Mme ka ntho tse tharo tsena, mollo, mosi, le sebabole, tse tswang melomong ya tsona, karolo ya boraro ya batho ya eshwa.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

18 Karolo ya boraro ya batho ya bolawa ka tsena tse tharo, ka mollo, le ke mosi, le sebabole, tse tswang melomong ya tsona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

18 Karolo ya boraro ya batho ya bolawa ka tsena tse tharo, ka mollo, le ke mosi, le sebabole, tse tswang melomong ya tsona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Tshenolo 9:18
9 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Lengeloi la boraro la letsa terompeta, mme naledi e kgolo, e tukang jwaloka serumola, ya wa lehodimong. Ya wela hodima karolo ya boraro ya dinoka, le hodima didiba.


Lebitso la naledi eo ke Lengana. Karolo ya boraro ya metsi ya baba jwaloka Lengana, mme batho ba bangata ba eshwa ka baka la ho nwa metsi ana a mabe.


Lengeloi la bone la letsa terompeta, mme kotlo ya wela karolo ya boraro ya letsatsi, le karolo ya boraro ya kgwedi, le karolo ya boraro ya dinaledi; e le hore ho fifatswe karolo ya boraro ya tsona. Ha fifala karolo ya boraro ya motsheare le ya bosiu ka ho tshwana.


La pele la letsa terompeta, mme sefako le mollo, di tswakane le madi, tsa tsholohela lefatsheng. Karolo ya boraro ya lefatshe ya etjha, le karolo ya boraro ya difate ya etjha, le jwang bohle bo botala ba etjha.


Lengeloi la bobedi la letsa terompeta, mme ho kang thaba e kgolo ya mollo o tukang ha akgelwa lewatleng. Karolo ya boraro ya lewatle ya fetoha madi,


karolo ya boraro ya dibopuwa tse phelang lewatleng ya eshwa, le karolo ya boraro ya dikepe ya timetswa.


Yaba ho lokollwa mangeloi ao a mane, a neng a se a itokiseditse hora, le letsatsi, le kgwedi, le selemo, e leng nako eo a tla bolaya karolo ya boraro ya batho ka yona.


Ponong eo dipere le bapalami ba tsona ba ne ba tadimeha tjena: Ba ne ba itshireleditse difuba ka dintho tse tshwanang le mollo, le lehakwe la safire, le sebabole ka mmala, mme dihlooho tsa dipere di ne di le jwaloka dihlooho tsa ditau, melomong ya tsona ho betseha mollo, le mosi, le sebabole.


Matla a dipere tseo a melomong le mehatleng ya tsona. Mehatla ya tsona e tshwana le dinoha, e na le dihlooho tseo e senyang ka tsona.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ