Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Tshenolo 9:15 - BIBELE

15 Yaba ho lokollwa mangeloi ao a mane, a neng a se a itokiseditse hora, le letsatsi, le kgwedi, le selemo, e leng nako eo a tla bolaya karolo ya boraro ya batho ka yona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

15 Yaba ho lokollwa mangeloi ao a mane, a seng a itokiseditse hora, le letsatsi, le kgwedi, le ngwaha, hore a tle a bolaye karolo ya boraro ya batho.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

15 Yaba mangeloi a mane a lokollwa, a neng a lokiseditswe hora le letsatsi le kgwedi le selemo ho bolaya karolo ya boraro ya batho.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

15 Yaba mangeloi a mane a lokollwa, a neng a lokiseditswe hora le letsatsi le kgwedi le selemo ho bolaya karolo ya boraro ya batho.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Tshenolo 9:15
9 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ha dilemo tse sekete di fetile, Satane o tla lokollwa tjhankaneng ya hae,


Lengeloi la boraro la letsa terompeta, mme naledi e kgolo, e tukang jwaloka serumola, ya wa lehodimong. Ya wela hodima karolo ya boraro ya dinoka, le hodima didiba.


La pele la letsa terompeta, mme sefako le mollo, di tswakane le madi, tsa tsholohela lefatsheng. Karolo ya boraro ya lefatshe ya etjha, le karolo ya boraro ya difate ya etjha, le jwang bohle bo botala ba etjha.


Lengeloi la bobedi la letsa terompeta, mme ho kang thaba e kgolo ya mollo o tukang ha akgelwa lewatleng. Karolo ya boraro ya lewatle ya fetoha madi,


karolo ya boraro ya dibopuwa tse phelang lewatleng ya eshwa, le karolo ya boraro ya dikepe ya timetswa.


Di ne di ena le mehatla e tshwanang le ya diphepheng, e nang le metsu, mme di ena le matla a ho senyetsa batho ka mehatla ya tsona, ka dikgwedi tseo tse hlano.


Karolo ya boraro ya batho ya bolawa ka dikotlo tsena tse tharo, e leng mollo, le mosi, le sebabole, tse betsehang melomong ya tsona.


Tsa newa matla, e seng a ho ba bolaya, empa a ho ba hlokofatsa ka dikgwedi tse hlano. Ho hlokofatsa ha tsona ho tshwana le mahloko a phepheng ha e loma motho.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ