Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Tshenolo 9:14 - BIBELE

14 La bolella lengeloi la botshelela le tshwereng terompeta, la re: “Lokolla mangeloi a mane a holehilweng nokeng e kgolo ya Euferatese.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

14 la re ho lengeloi la botshelela, le tshwereng terompeta: Lokolla mangeloi a mane a holehilweng nokeng e kgolo ya Eufrate.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

14 Ya re ho lengeloi la botshelela, ya tshwereng terompeta: Hokolla mangeloi a mane a tlamilweng nokeng e kgolo ya Eufrate.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

14 Ya re ho lengeloi la botshelela, ya tshwereng terompeta: Hokolla mangeloi a mane a tlamilweng nokeng e kgolo ya Eufrate.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Tshenolo 9:14
12 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ka lona tsatsi leo Modimo a etsa selekane le Aborame, a re: “Ditloholo tsa hao ke tla di nea naha ena, ho tloha nokaneng ya Egepeta ho isa Nokeng e Kgolo, e leng ya Euferatese;


Noka ya boraro e bitswa Tigerese; ke yona e fetang ka botjhabela ho Asure. Noka ya bone ke Euferatese.


Davida a hlola Hadade-Esere, mora wa Rehobe, kgosi ya Soba, ha Hadade-Esere a ne a ilo tsosa puso ya hae pela noka ya Euferatese.


Ha o qeta ho bala buka ena, o e tlamelle lejweng, ebe o e betsetsa kahara noka ya Euferatese.


Tlohang mona, le tswele pele leetong la lona, le ye naheng e maralla ya Baamore, le dibakeng tse e potapotileng, phuleng, le maralleng, le dibakeng tse weleng, ka borwa, pela lebopo la lewatle, naheng ya Bakanana; le Lebanone, ho ya fihla nokeng e kgolo ya Euferatese.


Moedi wa lona o tla tloha lehwatateng, o yo fihla Lebanone, o tlohe Nokeng e Kgolo, e leng noka ya Euferatese, o yo fihla Lewatleng le Leholo, ka bophirimela, o akaretse naha yohle ya Behete.


Lengeloi la botshelela la qhalla lefiswana la lona hodima noka e kgolo ya Euferatese. Metsi a yona a epsha, hore dikgosi tse tswang botjhabela di lokisetswe tsela.


Kamorao ho tsena ka bona mangeloi a mane a eme diqoleng tse nne tsa lefatshe, a thibile meya e mene ya lefatshe, e le hore ho tle ho se be moya o fokang lefatsheng, kapa lewatleng, kapa sefateng sefe kapa sefe.


Yaba ke bona lengeloi le leng le nyoloha botjhabela, le tshwere letshwao la Modimo ya phelang. Ka lentswe le phahameng la howeletsa mangeloi a mane a neilweng matla a ho senya lefatshe le lewatle,


Yaba ke bona mangeloi a supileng, a emeng kapele ho Modimo, a newa diterompeta tse supileng.


Jwale mangeloi a supileng, a tshwereng diterompeta tse supileng, a itokisetsa ho di letsa.


Yaba ho lokollwa mangeloi ao a mane, a neng a se a itokiseditse hora, le letsatsi, le kgwedi, le selemo, e leng nako eo a tla bolaya karolo ya boraro ya batho ka yona.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ