Tshenolo 6:11 - BIBELE11 Yaba e mong le e mong wa bona o newa seaparo se sesweu, mme ba bolellwa hore ba ke ba bee butle ho se hokae, ho fihlela palo ya balekane ba bona ba bohlanka, le ya bana babo bona ba tla bolawa jwaloka bona, e phethahala. အခန်းကိုကြည့်ပါ။Sesotho 1909/1961 (SO)11 Yaba e mong le e mong o newa seaparo se selelele se sesweu. Mme ba bolellwa hore ba ke ba phomole ho se hokae, palo ya balekane ba bona ba bohlanka, le ya banababo bona ba sa tlang ho bolawa jwaloka bona, e tle e be e phethehe. အခန်းကိုကြည့်ပါ။Baasraak Sotho NT11 E mong le e mong a newa diaparo tse tshweu; mme ba bolellwa hore ba phomole ho se hokae, ho fihlela ho phetheha bahlanka ba bang le bona, le banababo bona, ba neng ba tla bolawa jwaloka bona. အခန်းကိုကြည့်ပါ။Contemporary Southern Sotho Bible 202411 E mong le e mong a newa diaparo tse tshweu; mme ba bolellwa hore ba phomole ho se hokae, ho fihlela ho phetheha bahlanka ba bang le bona, le banababo bona, ba neng ba tla bolawa jwaloka bona. အခန်းကိုကြည့်ပါ။ |
Kamorao ho tsena ka tadima, mme ka bona letshwelehadi leo ho neng ho se motho ya ka le balang. E ne e le ba mefuta yohle, le ba meloko yohle, le ba ditjhaba tsohle, le ba dipuo tsohle, ba eme kapele ho terone le kapele ho Konyana, ba apere diaparo tse tshweu, ba tshwere makala a dipalema matsohong a bona.