Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Tshenolo 3:17 - BIBELE

17 “O re: ‘Ke morui, ke ruile, ha ke hloke letho;’ empa ha o tsebe hore o soto, o madimabe, o futsanehile, o foufetse, mme o feela.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

17 Erekaha o re: Ke morui, ke mononi, mme ha ke hloke letho; athe ha o tsebe hobane o soto, o madimabe, o mofutsana, o sefofu, o feela;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

17 Erekaha o re: Ke morui, ke mononi, mme ha ke hloke letho; mme ha o tsebe hobane o soto, o soto, o mofutsana, o sefofu, o feela;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

17 Erekaha o re: Ke morui, ke mononi, mme ha ke hloke letho; mme ha o tsebe hobane o soto, o soto, o mofutsana, o sefofu, o feela;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Tshenolo 3:17
26 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Mahlo a bona bobedi a tutuboloha, mme ba elellwa hore ha ba a tena letho. Ba rokahanya mahaba a sefate sa feiye, ba iketsetsa meitlamo.


Jwale Morena a otla setjhaba, hobane se ne se ile sa re Arone a se etsetse namane.


E mong o iketsa morui, a se na letho, e mong a iketse mofutsana, a hafa ka nkatana.


esere ha ke kgotshe yaba ke a o latola, ke re: ‘Morena ke mang?’ Kapa ka futsaneha, yaba ke a utswa, mme ka tlaela ka lebitso la Modimo wa ka.


Sefofu ke mang haese mohlanka wa ka, kapa ya tsebetutu jwaloka moromuwa wa ka? Ke mang ya foufetseng jwaloka ya ikabetseng nna, ya foufetseng jwaloka mohlanka wa Morena?


“Lona ba moloko ona, mamelang lentswe la Morena: Na ke bile lehwatata ho Baiseraele, ka ka naha e lefifi ho bona? Ke ka baka lang ha tjhaba sa ka se re: ‘Rona re tla iketsetsa borata, ha re ka ke ra kgutlela ho wena?’


Efraime yena o a ithorisa, o re: “Ke ruile haholo, ke bokeletse matlotlo, ha ho na sebe, ha ho na bokgopo, ha ho na seo ba ka nqosang ka sona.”


Ba o rekang ba a o hlaba, ebe ba re ha ba na molato. Ba o rekisang, bona ba re: ‘Ho bokwe Morena, jwale re barui!’ Badisa ba wona le bona ha ba o qenehele.


“Ho lehlohonolo ba futsanehileng moyeng, hobane Mmuso wa mahodimo ke wa bona.


Yena ha a utlwa, a re ho bona: “Ba hlokang ngaka ke ba kulang, e seng ba phelang hantle.


a kgorisa ba lapileng ka tse molemo, a kgutlisa ba ruileng ba se na letho,


“Empa ho madimabe lona barui, hobane le se le amohetse matshediso a lona.


E, ho jwalo. A kgaotswe ka baka la ho se dumele, athe wena o hlomathetse ka baka la tumelo. O se ke wa ikakasa, o mpe o tshabe,


Bana beso, ho na le sephiri seo ke sa rateng hore le hloke tsebo ya sona, esere la ipona le le bohlale: e leng hore karolo e itseng ya setjhaba sa Iseraele e tla thatafala ho fihlela ha ho kene palo e lekaneng ya baditjhaba.


Ka baka la neo ya mohau eo ke e neilweng, ke bolella e mong le e mong wa lona hore a se ke a ikgopola ho feta tekanyo, a mpe a inahane ka mokgwa o lekaneng, ho ya kamoo Modimo a lekanyeditseng e mong le e mong tumelo ya hae kateng.


Ke motho ya soto hakaakang! Ke mang ya tla ntokolla boemong boo bo nkisang lefung?


Ya se nang tsena ke sefofu se phopholetsang lefifing, ebile o lebetse le hore nakong e fetileng o ile a hlatsuwa dibe tsa hae.


“Bonang, ke tla jwaloka leshodu. Ho lehlohonolo ya fadimehang, ya sa hloboleng diaparo tsa hae, hore a tle a se ke a tsamaya a le feela, mme batho ba bona tse dihlong tsa hae.”


o re: Ke tseba matshwenyeho le bofutsana ba hao; leha ho le jwalo, o ruile. Ke tseba dinyefolo tsa ba reng ke Bajuda, empa e se bona, e le ba phutheho ya Satane.


Erekaha o le foofo, o sa bate, o sa tjhese, ke tla o hlatsa ka molomo wa ka.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ