Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Tshenolo 21:25 - BIBELE

25 Dikgoro tsa wona e tla be esale di butswe motsheare wohle, hobane ho wona bosiu ha bo sa tla ba teng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

25 Menyako ya wona e ke ke ya kwalwa motshehare, etswe bosiu ha bo sa tla hlola bo eba teng ho wona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

25 Mme dikgoro tsa teng di ke ke tsa kwalwa ho hang motshehare, hobane bosiu ha bo sa tla ba teng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

25 Mme dikgoro tsa teng di ke ke tsa kwalwa ho hang motshehare, hobane bosiu ha bo sa tla ba teng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Tshenolo 21:25
7 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Kgoro tsa hao di tla dula di ntse di butswe, ha di ka ke tsa kwalwa motsheare le bosiu, batho ba o tlisetse maruo, maruo a baditjhaba, dikgosi tsa bona di tla di entse mokoloko.


Tsatsi la hao ha le ka ke la hlola le sa dikela, kgwedi ya hao ha e ka ke ya hlola e eya fifing; hoba Morena e tla ba lesedi la hao, sedi la kamehla yohle, tshiu tsa bofifi ba hao le tsona di fele.


E tla ba letsatsi le sa tshwaneng le a mang, letsatsi le tsejwang ke Morena feela, letsatsi le se nang nyene kapa bosiu. Ka phirimana kganya e tla nne e be teng.


O ne o sireleditswe ke lerako le letenya, le phahameng, le nang le dikgoro tse leshome le metso e mmedi, tse lebetsweng ke mangeloi a leshome le metso e mmedi. Dikgorong ho ne ho ngotswe mabitso, e leng mabitso a meloko e leshome le metso e mmedi ya bara ba Iseraele.


Lengeloi le neng le bua le nna le ne le tshwere leqala la kgauta le methang, le tle le methe motse, le dikgoro tsa wona, le lerako la wona.


Motse ha o hloke letsatsi kapa kgwedi ho o bonesetsa, hobane tlotla ya Modimo e a o kgantshetsa, mme lebone la wona ke Konyana.


Ha ho sa tla ba le bosiu; ha ba sa tla hloka lesedi la lebone kapa lesedi la letsatsi, hobane Morena o tla ba bonesetsa, mme ba tla busa kamehla le mehla.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ