Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Tshenolo 19:18 - BIBELE

18 le tle le je dinama tsa dikgosi, le tsa balaodi, le tsa dinatla; dinama tsa dipere le tsa bapalami ba tsona; dinama tsa batho bohle, tsa makgoba le tsa balokolohi, tsa ba banyenyane le tsa ba baholo.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

18 le tle le je dinama tsa marena, le dinama tsa balaodi ba dikete, le dinama tsa dinatla, le dinama tsa dipere, le tsa ba di kaletseng, le dinama tsa bohle ba sa ruwang le ba ruilweng, tsa ba banyenyane le tsa ba baholo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

18 E le hore le tle le je nama ya marena, le ya balaodi, le ya bahale, le ya dipere, le ya ba e kaletseng, le nama ya batho bohle, ba lokolohileng le ba makgoba, ba banyenyane. le e kgolo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

18 E le hore le tle le je nama ya marena, le ya balaodi, le ya bahale, le ya dipere, le ya ba e kaletseng, le nama ya batho bohle, ba lokolohileng le ba makgoba, ba banyenyane le e kgolo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Tshenolo 19:18
18 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

‘Ba tla bolawa ke lefu le tshabehang. Ba ke ke ba llelwa kapa ba epelwa ke motho, empa ba tla tshwana le kgapane hara naha. Ba tla bolawa ka sabole, ba bolawe ke sekoboto, mme ditopo tsa bona e be dijo tsa matlaka, le dijo tsa dibatana tsa naha.’ ”


“ ‘Sebakeng sena ke tla nyopisa merero ya Juda le ya Jerusalema. Ke tla etsa hore ba bolawe ka sabole ke dira tsa bona, ba bolawe ke matsoho a ba batlang ho ba bolaya. Ditopo tsa bona e tla ba dijo tsa matlaka, le dijo tsa dibatana tsa naha.


Ruri ke tla neelana ka bona matsohong a dira tsa bona, le matsohong a ba batlang ho ba bolaya. Ditopo tsa bona di tla jewa ke matlaka le dibatana tsa naha.


Ditopo tsa setjhaba sena di tla jewa ke matlaka le dibatana tsa naha, mme ha ho ya tla di leleka.


Ke tla o akgela kahara lehwatata, wena le ditlhapi tsohle tsa dinoka tsa hao. O tla re polopoqo! kahara mmanana, ho se be ya o nkang hore a o epele. Topo sa hao se tla jewa ke dibatana, se jewe ke matlaka a sollang hodimo.


“Wena ngwana motho, Morena Modimo o bua tjena: Bitsa dinonyana ka mefuta ya tsona, le dibatana tsohle tsa naha, o re: ‘Phuthehang kaofela, le etswa hohle, le tle kwano sehlabelong sa ka, seo ke le etsetsang sona, sehlabelo se seholo se hodima dithaba tsa Iseraele, e le hore le tle le je nama le nwe le madi.


Kae le kae moo sefifi se leng teng matlaka a tla bokana teng.”


Ba araba, ba re ho yena: “Hokae, Morena?” A re ho bona: “Moo sefifi se leng teng, le matlaka a tla bokana teng.”


Setopo sa hao se tla jewa ke matlaka, le dibatana tsa naha, mme ha ho motho ya tla di tshosa.


Baditjhaba ba ile ba halefa, jwale ha fihla kgalefo ya hao, le nako ya ho ahlola bafu, le ya ho putsa bahlanka ba hao, baporofeta, le bahalaledi, le bohle ba o tshabang, ba banyenyane le ba baholo; le nako ya ho timetsa ba timetsang lefatshe.”


Sa etsa hore bohle, ba banyenyane le ba baholo, barui le mafutsana, balokolohi le makgoba, ba be le letshwao matsohong a bona a matona kapa diphateng tsa bona.


Dinaka tse leshome tseo o di boneng hodima sebatana, le sona sebatana, di tla hloya seotswa, di se amohe tsohle, di se hlobodise. Di tla ja nama ya sona, di se tjhese mollong.


Jwale teroneng ha tswa lentswe le reng: “Rorisang Modimo wa rona, lona bahlanka bohle ba hae, le lona ba mo tshabang, ba banyenyane le ba baholo.”


Dikgosi tsa lefatshe, le mahosana, le balaodi ba mabotho, le barui, le dinatla, le bohle, e ka ba makgoba kapa balokollwa, ba ipata ka mahaheng le hara mafika a dithaba.


a re ho Davida: “Tloo kwano, ke tswe ke fepa dinonyana tsa lehodimo le dibatana tsa naha ka nama ya hao!”


Kajeno lena Modimo o tla neelana ka wena matsohong a ka; ke tla o bolaya, ke be ke o kgaole hlooho! Ka ditopo tsa mabotho a Bafilesita ke tla fepa dinonyana tsa lehodimo, le dibatana tsa naha, e le hore lefatshe lohle le tle le tsebe hore Modimo o teng Iseraeleng.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ