Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Tshenolo 18:23 - BIBELE

23 Lesedi la lebone ha le ka ke la hlola le kganya ha hao. Lentswe la monyadi ha le ka ke la hlola le utlwahala ha hao. Bahwebi ba hao e ne e le mahosana a lefatshe, mme ka boloi ba hao wa thetsa ditjhaba tsohle.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

23 Lesedi la dilampi ha le sa tla hlola le bonesa ha hao; le lentswe la monyadi le la monyaduwa ha le sa tla hlola le utlwahala ha hao; hobane bahwebi ba hao e ne e le benghadi ba lefatshe, le hobane ditjhaba kaofela di kgelositswe ke bolao ba hao.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

23 Lebone la lebone ha le sa tla hlola le kganya ho wena ho hang; mme lentswe la monyadi le la monyaduwa ha le sa tla hlola le utlwahala ho wena; hobane lichaba tsohle li khelositsoe ke boloi ba hao.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

23 Lebone la lebone ha le sa tla hlola le kganya ho wena ho hang; mme lentswe la monyadi le la monyaduwa ha le sa tla hlola le utlwahala ho wena; hobane lichaba tsohle li khelositsoe ke boloi ba hao.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Tshenolo 18:23
26 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Yare ha Jorame a bona Jehu, a re ho yena: “Jehu, na o tla ka kgotso?” Eo a mo araba, a re: “Kgotso e ka ba teng jwang, ha ho rapela medimo ya bohata ha mmao, le ho loya ha hae, ho atile hakaale?”


“Le tingwa hakae lebone la ba kgopo? Koduwa yona e ba wela hodimo hakae, ha Modimo a aba dikotlo a halefile?


ya kgopo ha ho letho leo a le tshepileng, bone la bophelo ba hae le tla tingwa.


Ya ileng a rerela Tire tsee ke mang? Tire, motse wa ho hlomamisa dikgosi, oo bahwebi ba wona e leng mahosana, oo bo-radikgwebo ba wona ba tummeng fatsheng lohle?


Empa tsena tse pedi di tla o kgaoletsa, ka ho panya ha ntshi, ka tsatsi le le leng: Ho shwelwa ke bana le ho ba mohlolohadi. Di tla o wela hodimo ka matla a maholo, di sa re letho ka boloi ba hao, di sa re letho ka boreba ba hao.


Morena wa mabotho, Modimo wa Iseraele, o bua tjena: ‘Mehleng ena ya lona, moo le ntseng le bona, hona sebakeng sena, ke tla fedisa mehoo ya thabo le ya nyakallo; ke fedise lentswe la monyadi le lentswe la monyaduwa.’


Ke tla fedisa mehoo ya thabo le ya nyakallo; ke fedise lentswe la monyadi le lentswe la monyaduwa; ke fedise lerata la lelwala ha ho silwa, ke time lebone.


Metseng ya Juda le diterateng tsa Jerusalema ke tla fedisa mehoo ya thabo le ya nyakallo, ke fedise lentswe la monyadi le lentswe la monyaduwa, hobane naha e tla fetoha lehwatata.


Ninife e otlwa jwalo hobane e le seotswa, boloi ba yona bo ke ke ba ba ba bolelwa, ka bootswa ba yona e hohela ditjhaba, ka boloi ba yona e fetole merabe makgoba.


Ba ne ba mo mamela ka hloko kahobane e ne e se e le kgale a ba makatsa ka bonohe ba hae.


Ya dihelwa fatshe kganyapa ya tonana, noha ya kgale, e bitswang Diabolosi le Satane, mokgelosi wa lefatshe lohle; ya dihelwa lefatsheng mmoho le mangeloi a yona.


seo dikgosi tsa lefatshe di entseng bohlola le sona, se tahisitseng baahi ba lefatshe ka jwala ba bootswa ba sona.”


Phatleng ya hae ho ne ho ngotswe lebitso le fupereng sephiri: “Babilona e kgolo, mma diotswa tsohle le manyala wohle a lefatshe.”


Mmino wa baletsi ba diharepa, le wa dibini, le wa makodilo, le wa diterompeta, ha o ka ke wa hlola o utlwahala ha hao. Setsebi sa mosebetsi ofe kapa ofe ha se ka ke sa hlola se bonwa ha hao. Modumo wa lelwala ha o ka ke wa hlola o utlwahala ha hao.


Ke hobane e nwesitse ditjhaba tsohle jwala ba bohale ba bohlola ba yona. Dikgosi tsa lefatshe di entse bohlola le yona, mme bahwebi ba lefatshe ba ruisitswe ke boholo ba mouno wa yona.”


“Dikgosi tsa lefatshe, tse entseng bohlola le yona, tsa phela ka boithabiso le yona, di tla e llela, di e hlomohele, ha di bona mosi wa ho tjheswa ha yona.


Empa ha e le makwala, le ba sa tshepahaleng, le ba etsang tse manyala, le babolai, le difebe, le baloi, le ba kgumamelang medimo ya bohata, le bohle ba buang leshano, kabelo ya bona ke letsha le tukang mollo wa sebabole, ke hore lefu la bobedi.”


Kantle ho tla sala dintja, le baloi le dihlola, le babolai, le ba kgumamelang medimo ya bohata, le bohle ba ratang leshano, ba etsang tseo e seng tsa nnete.


Ha ho sa tla ba le bosiu; ha ba sa tla hloka lesedi la lebone kapa lesedi la letsatsi, hobane Morena o tla ba bonesetsa, mme ba tla busa kamehla le mehla.


Dikgosi tsa lefatshe, le mahosana, le balaodi ba mabotho, le barui, le dinatla, le bohle, e ka ba makgoba kapa balokollwa, ba ipata ka mahaheng le hara mafika a dithaba.


Ha ba a ka ba bakela dipolao tsa bona, kapa boloi ba bona, kapa bohlola ba bona, kapa boshodu ba bona.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ