Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Tshenolo 18:22 - BIBELE

22 Mmino wa baletsi ba diharepa, le wa dibini, le wa makodilo, le wa diterompeta, ha o ka ke wa hlola o utlwahala ha hao. Setsebi sa mosebetsi ofe kapa ofe ha se ka ke sa hlola se bonwa ha hao. Modumo wa lelwala ha o ka ke wa hlola o utlwahala ha hao.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

22 Mme mantswe a ba tidinyang diharepa, le a ba letsang dithomo, le a ba diphala, le a ba diterompeta, ha a sa tla hlola a utlwahala ha hao; mme ha ho sa tla hlola ho fumanwa ha hao motho ya sebetsang mosebetsi ofe le ofe, leha e le modumo wa lelwala ha o sa tla hlola o utlwahala ha hao.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

22 Molumo oa liharepa, le oa libini, le oa liphala, le oa literompeta, ha o sa tla hlola o utluoa ha hao ho hang; mme ha ho sa tla hlola ho fumanwa ho wena setsebi sa mesebetsi ya matsoho sefe kapa sefe; mme modumo wa lelwala ha o sa tla hlola o utlwahala ha hao;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

22 Molumo oa liharepa, le oa libini, le oa liphala, le oa literompeta, ha o sa tla hlola o utluoa ha hao ho hang; mme ha ho sa tla hlola ho fumanwa ho wena setsebi sa mesebetsi ya matsoho sefe kapa sefe; mme modumo wa lelwala ha o sa tla hlola o utlwahala ha hao;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Tshenolo 18:22
10 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ka boo bosiu ho se tswalwe lesea, le mehoo ya thabo e se utlwahale.


tsebe di sa utlwa marata diterateng, lerata la ho sila le sa utlwahala; melodi ya dinonyana e eso be mowewetso, dipina tsohle di sa utlwahala;


Yaba o re: “Wena moradi wa Sidone ya ripitlilweng, o ke ke wa hlola o nyakalla hape! Leha o ka tsamaya wa tshelela Kitime, le teng phomolo o ke ke be wa e bona!”


Morena wa mabotho, Modimo wa Iseraele, o bua tjena: ‘Mehleng ena ya lona, moo le ntseng le bona, hona sebakeng sena, ke tla fedisa mehoo ya thabo le ya nyakallo; ke fedise lentswe la monyadi le lentswe la monyaduwa.’


Ke tla fedisa mehoo ya thabo le ya nyakallo; ke fedise lentswe la monyadi le lentswe la monyaduwa; ke fedise lerata la lelwala ha ho silwa, ke time lebone.


ho tla boela ho utlwahala mehoo ya thabo le ya nyakallo, le lentswe la monyadi le lentswe la monyaduwa, le mantswe a binang, ha ba tlisa nyehelo tsa teboho ka Tempeleng ya Morena, ba re: “ ‘Lebohang Morena wa mabotho, hobane Morena o lokile, mohau wa hae ke wa kamehla yohle,’ “hobane ke tla kgutlisa bathopuwa ba naha ena, mme ba tla ba jwaloka pele, ho rialo Morena.


Metseng ya Juda le diterateng tsa Jerusalema ke tla fedisa mehoo ya thabo le ya nyakallo, ke fedise lentswe la monyadi le lentswe la monyaduwa, hobane naha e tla fetoha lehwatata.


Ke tla fedisa dipina tsohle tsa hao, le modumo wa diharepa tsa hao ke o fedise.


Ha Jesu a fihla tlung ya mookamedi, mme a bona diletsi tsa makodilo le letshwele le tlatsang lerata,


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ