Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Tshenolo 18:17 - BIBELE

17 Empa leruo le lekaalo le fedisitswe, la fediswa ka nako ya hora feela!’ “Batsamaisi bohle ba dikepe, le bohle ba nkang maeto ka dikepe, le basesisi ba tsona, le bohle ba phelang ka ho sebetsa lewatleng, ba ne ba eme hole.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

17 Mme balaedi ba dikepe kaofela, le bongata bohle bo tsamayang ka dikepe, le ba di tsamaisang, le bohle ba hwebang lewatleng, ba ema hole;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

17 Hobane ka hora e le nngwe, maruo a maholo hakalo a fedile. Mme bohle ba tsamaisang dikepe, le letshwele lohle la dikepe, le basesisi ba dikepe, le bohle ba hwebang lewatleng, ba ema hojana.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

17 Hobane ka hora e le nngwe, maruo a maholo hakalo a fedile. Mme bohle ba tsamaisang dikepe, le letshwele lohle la dikepe, le basesisi ba dikepe, le bohle ba hwebang lewatleng, ba ema hojana.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Tshenolo 18:17
11 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Bokollang lona dikepe tsa Tarashishe, hoba qhobosheane ya lona e ripitlilwe.


Empa tsena tse pedi di tla o kgaoletsa, ka ho panya ha ntshi, ka tsatsi le le leng: Ho shwelwa ke bana le ho ba mohlolohadi. Di tla o wela hodimo ka matla a maholo, di sa re letho ka boloi ba hao, di sa re letho ka boreba ba hao.


Babilona e wele hanghang ya bjaramana! Llelang Babilona ke hona! E feng setlolo sa ho thoba maqeba a yona haeba le re ho etsa jwalo ho tla e phekola.


Kotlo ya tjhaba sa heso e kgolo haholo, ho feta le ya Sodoma, e neng e timetswe ka ho panya ha ntshi, e sa timetswe ke letsoho la motho.


Molaodi wa sekepe a tla ho yena, a re: “O hlolang, ha o robetse tjee? Tsoha, o ipiletse ho modimo wa hao! Mohlomong modimo eo wa hao a ka re hopola, ra se ke ra timela.”


Empa molaodi wa ba lekgolo a kgolwa motsamaisi wa sekepe le monga sona ho feta se neng se bolelwa ke Paulosi.


“Dinaka tse leshome tseo o di boneng ke dikgosi tse leshome, tse esong ho buse, empa tse tla ba le kabelo pusong ya sebatana ka nako ya hora e le nngwe feela.


Dinaka tse leshome tseo o di boneng hodima sebatana, le sona sebatana, di tla hloya seotswa, di se amohe tsohle, di se hlobodise. Di tla ja nama ya sona, di se tjhese mollong.


Ba itshela ka lerole dihloohong, ba howa, ba lla, ba hlomoha, ba re: “ ‘Ho madimabe! Ho madimabe! Motse o moholo, moo bohle, ba neng ba ena le dikepe lewatleng, ba ileng ba ruiswa ke leruo la wona! Empa o fedisitswe ka nako ya hora feela!


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ