Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Tshenolo 18:15 - BIBELE

15 “Bahwebi ba neng ba hweba ka tsena, ba ruisitsweng ke Babilona, ba tla ema hole, ka baka la ho tshaba tlhokofatso ya yona. Dillong le mahlomoleng

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

15 Bahwebi ba mesebetsi eo, ba entsweng banoni ka wona, ba tla ema hole, ke ho tshaba dikotsi tsa wona, ka ho lla le ka ho hlomoha,

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

15 Bahwebi ba dintho tsena, ba neng ba ruile ka yena, ba tla ema hole, ka ho tshaba tlhokofatso ya wona, ba lla, ba bokolla.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

15 Bahwebi ba dintho tsena, ba neng ba ruile ka yena, ba tla ema hole, ka ho tshaba tlhokofatso ya wona, ba lla, ba bokolla.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Tshenolo 18:15
14 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Dihlooho tsa bona ba tla di beola, ba di beole, ba di beolele wena, ba apere aparo tse mahwashe. Ba tla o llela ka pelo tse bohloko, bofifi ba bona e be ba mahlomola.


Ba o rekang ba a o hlaba, ebe ba re ha ba na molato. Ba o rekisang, bona ba re: ‘Ho bokwe Morena, jwale re barui!’ Badisa ba wona le bona ha ba o qenehele.


A ruta, a re ho bona: “Ana ha ho a ngolwa, ha thwe: “ ‘Ntlo ya ka e tla bitswa ntlo ya thapelo eo e leng ya ditjhaba tsohle’? Empa lona le e entse ‘lehaha la dinokwane!’ ”


Yare ha beng ba lona ba bona hore tshepo ya bona ya ho rua e fedile, ba tshwara Paulosi le Silase, ba ba hulanyetsa lebaleng la motse, ho babusi.


thepa ya kgauta, le ya silefera, le ya mabenyane a bohlokwa, le ya mahakwe a bohlokwa, le ya masela a matlematle, le a perese, le a sileka, le a mafubedu, le ya mahong wohle a bohlokwa, le ya tsohle tse entsweng ka manaka a tlou, le tsohle tsa mahong a bohlokwa, le tsa lethose, le tsa tshepe, le tsa mahakwe,


le dinoko tsa sinamone le tsa amone, le makgapetla a difate a monko o monate, le setlolo, le mokubetso, le veine, le ole, le phofo e thumisehileng, le koro, le dikgomo, le dinku, le dipere, le dikariki, le makgoba, le batshwaruwa.


“ ‘Tsohle tseo o neng o di labalabela di ile; tsohle tsa boithabiso, tse phatsimang, di o hlakohile; ha o ka ke wa hlola o di fumana le ka mohla.’


Ba itshela ka lerole dihloohong, ba howa, ba lla, ba hlomoha, ba re: “ ‘Ho madimabe! Ho madimabe! Motse o moholo, moo bohle, ba neng ba ena le dikepe lewatleng, ba ileng ba ruiswa ke leruo la wona! Empa o fedisitswe ka nako ya hora feela!


Ke hobane e nwesitse ditjhaba tsohle jwala ba bohale ba bohlola ba yona. Dikgosi tsa lefatshe di entse bohlola le yona, mme bahwebi ba lefatshe ba ruisitswe ke boholo ba mouno wa yona.”


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ