Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Tshenolo 18:14 - BIBELE

14 “ ‘Tsohle tseo o neng o di labalabela di ile; tsohle tsa boithabiso, tse phatsimang, di o hlakohile; ha o ka ke wa hlola o di fumana le ka mohla.’

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

14 Ditholwana tsa lehwetla, tseo pelo ya hao e di thabelang, di suthetse hole le wena, mme tse monate le tse bokgabane kaofela di tlohile ho wena, mme ha o sa tla hlola o di fumana.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

14 Mme ditholwana tseo moya wa hao o neng o di lakatsa di tlohile ho wena, le tsohle tse monate le tse ntle di tlohile ho wena, mme ha o sa tla hlola o di fumana.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

14 Mme ditholwana tseo moya wa hao o neng o di lakatsa di tlohile ho wena, le tsohle tse monate le tse ntle di tlohile ho wena, mme ha o sa tla hlola o di fumana.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Tshenolo 18:14
12 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ba mpa ba laolwa ke ditakatso tsa bona lefeelleng, ba leka Modimo ba le lehwatateng.


Pelong tsa bona ba leka Modimo, ba batla dijo tseo ba di lakatsang.


Sebaka seo ba se rea lebitso la Mabitla a Meharo, hobane ke moo batho ba meharo ba neng ba epelwe teng.


Letshwelehadi la baditjhaba le neng le tsamaya le Baiseraele la lakatsa nama haholo. Bana ba Iseraele le bona ba boela ba lla, ba re: “Ke mang ya tla re fa nama, hore re je?


Hantlentle le ne le ilo bona eng? Motho ya diaparo tse mabokoboko? Ba diaparo di mabokoboko ba matlung a mahosi.


“Empa Modimo a re ho yena: ‘Lewatla towe, ka bosiu bona o tla amohuwa bophelo ba hao; jwale tseo o di lokisitseng e tla ba tsa mang?’


“Empa Aborahama a re: ‘Ngwana ka, hopola hore tse molemo tsa hao o di amohetse bophelong ba hao; ka mokgwa o jwalo Lasaro o amohetse tse mpe, empa jwale o tshediswa mona, ha wena o hlokofatswa.


Tsena di etsahetse hore e be mohlala ho rona, hore re se ke ra lakatsa tse kgopo, jwalokaha ba ne ba di lakatsa.


Le a lakatsa, empa ha le fumane. Le a bolaya, le na le mohono, empa ha le atlehe. Le a qabana, le a lwana; ha le fumane letho, hobane ha le kope ho Modimo.


le dinoko tsa sinamone le tsa amone, le makgapetla a difate a monko o monate, le setlolo, le mokubetso, le veine, le ole, le phofo e thumisehileng, le koro, le dikgomo, le dinku, le dipere, le dikariki, le makgoba, le batshwaruwa.


“Bahwebi ba neng ba hweba ka tsena, ba ruisitsweng ke Babilona, ba tla ema hole, ka baka la ho tshaba tlhokofatso ya yona. Dillong le mahlomoleng


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ