Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Tshenolo 17:17 - BIBELE

17 Modimo o kentse dipelong tsa tsona thato ya ho phetha morero wa hae, e leng morero o le mong, wa ho sebeletsa sebatana ka borena ba tsona, ho fihlela dipolelo tsa Modimo di phethahala.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

17 Hobane Modimo o kentse dipelong tsa bona ho phetha morero wa wona, le ho dumellana, le ho neela sebata mebuso ya bona, dipolelo tsa Modimo di tle di be di phethehe.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

17 Hobane Modimo o kentse dipelong tsa tsona ho phetha morero wa wona, le ho etsa tumellano e le nngwe, le ho nea sebata mmuso wa tsona, ho fihlela dipolelo tsa Modimo di phethahala.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

17 Hobane Modimo o kentse dipelong tsa tsona ho phetha morero wa wona, le ho etsa tumellano e le nngwe, le ho nea sebata mmuso wa tsona, ho fihlela dipolelo tsa Modimo di phethahala.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Tshenolo 17:17
28 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Yaba Esera o re: “Ho bokwe Morena Modimo wa bo-ntata rona, ya rutileng kgosi hore e lakatse ho kgabisa Tempele ya Morena e Jerusalema,


A fetola pelo tsa tsona, tsa hloya tjhaba sa hae, tsa sebetsa bahlanka ba hae ka bolotsana.


Merero e mengata ka pelong ya motho, empa wa Morena wona o hlola kamehla.


Pelo ya kgosi e ka atleng tsa Morena, o e isa moo a ratang sa metsi a molatswana.


Empa Iseraele o tla pholoswa ke Morena, a mo pholose ka pholoho ya mehla yohle, le ka mohla a ke ke a hlajwa ke dihlong, kapa a tlontloloha kamehla yohle.


Ke tla etsa selekane sa kamehla yohle le setjhaba sena, e leng selekane sa hore ha nka ke ka kgaotsa ho se etsetsa tse molemo. Ke tla etsa hore se ntshabe ka dipelo tsa sona tsohle, e le hore se se hlole se mphuralla.


Monna ya apereng seaparo se entsweng ka lene, ya emeletseng hodingwana ho noka, a phahamisetsa matsoho a hae a mabedi lehodimong, a hlapanya ka Modimo ya phelang kamehla le mehla, mme ka utlwa a re: “E tla ba ka dilemo tse tharo le halofo. Ha matla a setjhaba se halalelang a se a fedisitswe, dintho tsena tsohle di tla etsahala.”


Ruri Mora Motho o ikela ho ya kamoo ho rerilweng kateng; leha ho le jwalo, ho madimabe motho ya mo ekang.”


Yaba Satane o kena ka ho Judase ya bitswang Isekariota, eo e neng e le e mong wa ba leshome le metso e mmedi.


Ke a le bolella hore se ngotsweng, se reng: ‘O baleletswe le baetsadibe’, eka kgona se phethahale ho nna, hobane se ngotsweng ka nna se tla phethahala.”


Bao lentswe la Modimo le tlileng ho bona, Molao o ba bitsa medimo, mme Mangolo ha a ka ke a etsollwa.


“Ha ke bue ka lona bohle; ke tseba bao ke ba kgethileng. Empa Mangolo a reng: ‘Eo ke ntshanang se inong le yena, o nthahile ka serethe,’ a tshwanetse ho phethahala.


Ha ho jewa dijo tsa mantsiboya, Diabolosi o ne a se a kentse pelong ya Judase, mora Simone Isekariota, maikutlo a hore a eke Jesu.


Jwale ba buisana, ba re: “A re se keng ra e tabola, empa a re e laoleng ka lotho, re tle re tsebe hore na e tla ba ya mang;” e le hore ho tle ho phethahale Mangolo a reng: “Ba arolelane diaparo tsa ka, ba loala aparo sa ka ka lotho.” Bahlabani ba fela ba etsa jwalo.


Kamora tsena Jesu, ka ho tseba hore jwale tsohle di phethahetse, a re: “Ke nyorilwe,” e le hore Mangolo a phethahale.


A re leboheng Modimo ya kentseng mafolofolo a jwalo pelong ya Tite, ka baka la lona,


Ha matsatsi a hore lengeloi la bosupa le bue a se a fihlile, etlare ha le qala ho letsa terompeta, e tla ba sephiri sa Modimo se phethahetse, jwalokaha a ne a bolelle bahlanka ba hae, baporofeta.”


Jwale lehodimong ka bona pontsho e nngwe e kgolo, e makatsang: mangeloi a supileng a nkileng dikotlo tse supileng tsa ho qetela, tse tla phethahatsa kgalefo ya Modimo.


Dikgosi tsena di na le morero o le mong, e leng ho sebeletsa sebatana ka matla a tsona le ka borena ba tsona.


Yaba lengeloi le re ho nna: “Ngola. Ho lehlohonolo ba memetsweng moketeng wa dijo wa lenyalo la Konyana.” La nto re: “Tsena ke dipolelo tsa Modimo tsa sebele.”


Yaba e mong le e mong wa bona o newa seaparo se sesweu, mme ba bolellwa hore ba ke ba bee butle ho se hokae, ho fihlela palo ya balekane ba bona ba bohlanka, le ya bana babo bona ba tla bolawa jwaloka bona, e phethahala.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ