Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Tshenolo 14:18 - BIBELE

18 Hape ha tswa lengeloi le leng aletareng, e le le nang le matla a ho laola mollo, mme ka lentswe le phahameng la howeletsa ya tshwereng sekele e bohale, la re: “Akgela sekele ya hao e bohale, o kge masihla a morara wa lefatshe, hobane ditholwana tsa wona di butswitse.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

18 Le leng hape lengeloi la tswa aletareng, le ena le matla hodima mollo, mme la howeletsa ka lentswe le phahamileng ho le nkileng sekele e bohale, la re: Akgela sekele ya hao e bohale, mme o kge merara ya lefatshe, hobane ditholwana tsa yona di butswitse.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

18 Lengeloi le leng la tswa aletareng, le na le matla hodima mollo; la howa ka mohoo o moholo ho ya tshwereng sekele e bohale, la re: Kenya sekele ya hao e bohale, o bokelle masihla a morara wa lefatshe; hobane morara wa hae o butswitse.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

18 Lengeloi le leng la tswa aletareng, le na le matla hodima mollo; la howa ka mohoo o moholo ho ya tshwereng sekele e bohale, la re: Kenya sekele ya hao e bohale, o bokelle masihla a morara wa lefatshe; hobane morara wa hae o butswitse.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Tshenolo 14:18
7 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Akgelang sekele, hobane mabele a butswitse. Tloong, le tlo hatakela morara, hobane setlhotlelo sa morara se tletse; merifi e tletse, e a kgaphatseha, hobane bokgopo ba tsona bo totile!”


Ha koro e butswitse, o e hela hanghang, hobane nako ya kotulo e fihlile.”


Jwale ka utlwa aletare e re: “E, Morena Modimo ya matla wohle, dikahlolo tsa hao ke tsa nnete, di lokile.”


Lengeloi la bone la qhalla lefiswana la lona hodima letsatsi, mme letsatsi la dumellwa ho tjhesa batho ka lebatama.


Lengeloi le leng la tla, la ema pela aletare le tshwere pitsa ya kgauta eo ho tjhesetswang mokubetso ka ho yona. La newa mekubetso e mengata, hore le tle le nyehele ka yona, le ka dithapelo tsa bahalaledi bohle, hodima aletare ya kgauta e kapele ho terone.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ