Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Tshenolo 14:14 - BIBELE

14 Jwale ka tadima, mme ka bona leru le lesweu, hodima lona ho dutse ya kang Mora Motho, hloohong a rwetse mofapahlooho wa kgauta, letsohong a tshwere sekele e bohale.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

14 Jwale ka tadima, mme ka bona leru le lesweu, mme e mong ya kang mora motho a dutse hodima leru, a rwetse moqhaka wa kgauta hloohong, mme a nkile sekele e bohale letsohong la hae.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

14 Ka tadima, mme ka bona leru le lesweu, mme hodima leru ho dutse e mong ya tshwanang le Mora motho, a rwetse moqhaka wa kgauta hloohong, mme letsohong la hae a tshwere sekele e bohale.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

14 Ka tadima, mme ka bona leru le lesweu, mme hodima leru ho dutse e mong ya tshwanang le Mora motho, a rwetse moqhaka wa kgauta hloohong, mme letsohong la hae a tshwere sekele e bohale.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Tshenolo 14:14
19 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

O e neile se ratwang ke pelo ya yona, ha o a ka wa e hanela kopo e tswang molomong wa yona.


Maru a matshomatsho a mo teetse hare, ho loka le toka ke motheo, ke motheo wa terone ya hae.


Bona ke boporofeta malebana le Egepeta: Bonang Morena o tla Egepeta, o tla a kaletse leru le potlakileng, medimo ya bohata ya Egepeta e thothomela pela hae, Baegepeta le bona ba tlalwa ke tshabo.


Kahodimo ho loapi leo le okametseng dihlooho tsa tsona, ho ne ho ena le ntho e kang terone ya safire, mme hodima yona ho dutse ho kang motho.


“Ponong ya ka ya bosiu ka bona e mong ya kang Mora Motho, a etla a le hodima maru, a etla ho Moholo wa Matsatsi, mme ba mo atametsa kapele ho yena.


Di leseng di hole hammoho ho fihlela mohla kotulo, mme ka nako ya kotulo ke tla re ho bakotudi: Fotholang mofoka pele, le o tlame mangata, o tle o tjheswe, koro yona le e bokelle disiung tsa ka.’ ”


Yare a sa bua, leru le kganyang la ba kgurumetsa, lentswe la tswa lerung, la re: “Enwa ke Mora wa ka eo ke mo ratang, ya nkgahlang; mo mameleng.”


Ha koro e butswitse, o e hela hanghang, hobane nako ya kotulo e fihlile.”


Jwale ba tla bona Mora Motho a etla a le lerung, ka matla le ka tlotla e kgolo.


Empa seo re se bonang ke Jesu ya beilweng katlasana ho mangeloi ka nakwana, a rweswa mofapahlooho wa tlotla le hlompho ka baka la mahloko a lefu la hae, e le hore ka mohau wa Modimo a tle a shwele bohle.


Hara didulwana tsena ka bona e mong ya kang Mora Motho, ya apereng seaparo se phuphuthang, a itlamme sefubeng ka leqhama la kgauta.


Ke eo a etla a le hara maru, mme mahlo a bohle a tla mmona, esita le bona ba mo hlabileng, mme meloko yohle ya lefatshe e tla mo llela. E! A ho be jwalo!


Yaba ke bona lengeloi le leng le matla, le theoha lehodimong, le aparetswe ke leru. Hloohong le ne le rwetse mookodi, sefahleho sa lona se le jwaloka letsatsi, mme maoto a lona a le jwaloka ditshiya tsa mollo.


ba re: “Re a o leboha. wena Morena Modimo ya matla wohle, ya leng teng, ya bileng teng, hobane o boetse o inketse matla a hao a maholo, mme o qadile ho busa.


Mahlo a hae a jwaloka malakabe a mollo, hloohong o rwetse mefapahlooho e mengata; o na le lebitso le ngotsweng hodima hae, leo ho seng ya le tsebang, haese yena feela.


Jwale ka bona terone e kgolo, e tshweu, le ya dutseng hodima yona. Lefatshe le lehodimo tsa baleha pela sefahleho sa hae, tsa nyamella ruri.


Ka tadima, mme ka bona pere e tshweu, ya e palameng a tshwere seqha. Yaba o newa mofapahlooho, mme a tsamaya e le ya hlotseng, ya tla nne a hlole.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ