Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Tshenolo 13:18 - BIBELE

18 Mona ho batleha bohlale. Ya nang le kelello a hlalose se bolelwang ke palo eo ya sebatana. Palo eo e emetse lebitso la motho, mme palo eo ke makgolo a tsheletseng le mashome a tsheletseng a metso e tsheletseng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

18 Ke moo bohlale bo leng teng. Ya hlalefileng a bale palo ya sebata; hobane ke palo ya motho: palo ya sona ke makgolo a tsheletseng a mashome a tsheletseng a metso e tsheletseng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

18 Mona ke bohlale. Ya nang le kutlwisiso a bale palo ya sebata: hobane ke palo ya motho; palo ya hae ke makgolo a tsheletseng a mashome a tsheletseng a metso e tsheletseng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

18 Mona ke bohlale. Ya nang le kutlwisiso a bale palo ya sebata: hobane ke palo ya motho; palo ya hae ke makgolo a tsheletseng a mashome a tsheletseng a metso e tsheletseng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Tshenolo 13:18
10 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Mang le mang ya bohlale a ke a ele tsena hloko, a ke a utlwisise ketso tsa mohau, mohau wa Morena.


Ba bangata ba tla hlwekiswa, ba ntlafatswe, ba lekwe. Ba kgopo bona ba tla nne ba etse bokgopo. Ha ho le ya mong wa ba kgopo ya tla utlwisisa, empa ba bohlale bona ba tla utlwisisa.


Ya bohlale ke mang? Tsena o tla di hlokomela. Ya masene ke mang? Yena o tla di utlwisisa. Ditsela tsa Morena di nepahetse, ba lokileng ba tla tsamaya ka tsona, baetsadibe ba kgothometsehe ho tsona.


“Ha le bona Manyala a Tshenyeho a eme moo a sa lokelang, mmadi a utlwisise se bolelwang! Mohlang oo ba leng Judea ba balehele dithabeng;


Empa ha ho se loke ha rona ho totobatsa ho loka ha Modimo, re tla reng? Na Modimo ha a na toka ha a re otla? Ke bua ka mokgwa wa batho.


Ke Oge feela, kgosi ya Bashane, eo e leng lesalla la Barefaime. Lekese la hae la bafu e ne e le la tshepe, bolelele ba lona e le dimethara tse nne, bophara e le dimethara tse pedi, ho latela ho lekanya ho tlwaelehileng ha mehla eo. Lekese leo le sa le teng le kajeno motseng wa Baamone, wa Raba.


Ho lehlohonolo ya balang, ya mamelang mantswe a boporofeta bona, mme ya bolokang tse ngotsweng, hobane nako ya tsona e se e atametse.


Ka bona ho tshwanang le lewatle le kang kgalase, le kopaneng le mollo. Hodima lona ho ne ho eme ba hlotseng sebatana le setshwantsho sa sona le palo e emetseng lebitso la sona, ba tshwere diharepa tsa Modimo.


“Mona ho batleha kelello e nang le bohlale. Dihlooho tse supileng ke dithaba tse supileng, tseo mosadi eo a ahileng hodima tsona. Hape ke dikgosi tse supileng;


La ba la metha lerako la motse: le ne le etsa dimethara tse mashome a supileng, ho ya ka tekanyo e tlwaelehileng, eo lengeloi le neng le e sebedisa.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ