Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Tshenolo 11:17 - BIBELE

17 ba re: “Re a o leboha. wena Morena Modimo ya matla wohle, ya leng teng, ya bileng teng, hobane o boetse o inketse matla a hao a maholo, mme o qadile ho busa.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

17 ba re: Re a o leboha, Morena, Modimo o matla wohle, o leng teng, o neng o le teng, o tla nne o be teng, hobane o nkile matla a hao a maholo, mme wa rena.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

17 Ba re: “Re a o leboha, Morena Modimo ya Matla wohle, ya leng teng, ya neng a le teng, ya tlang ho tla; hobane u inkele matla a hao a maholo, ’me ua busa.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

17 Ba re: “Re a o leboha, Morena Modimo ya Matla wohle, ya leng teng, ya neng a le teng, ya tlang ho tla; hobane u inkele matla a hao a maholo, ’me ua busa.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Tshenolo 11:17
27 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ha Aborame a ena le dilemo tse mashome a robong a metso e robong, Morena a iponahatsa ho yena, a re: “Ke nna Modimo ya matla wohle; nkgahlise ka metsamao ya hao, mme o hloke kodi.


o tla etsa hore ba o supe ka direthe, o hule seqha sa hao ho ba fula.


hobane mohau wa hao o moholo, o fihla mahodimong, le botshepehi ba hao bo fihla marung.


Morena o bontshitse tsoho la hae le halalelang, a le bontsha moo tjhaba tsohle di ntseng di bona, pheletso tsohle tsa lefatshe di tla bona, di bone ho pholosa ha Modimo wa rona.


Wena Modimo wa baholoholo ba heso, ke a o leboha, ke bile ke a o tlotla, wena ya nneileng bohlale le matla, wa ntshenolela seo re se kopileng ho wena, wa re senolela seo kgosi e se batlang.”


Hoba Daniele a utlwe hore taelo e jwalo e entswe, a ya lapeng ha hae. Difesetere tsa kamore ya hae e kahodimo di ne di bulehile, di shebile nqa Jerusalema. A kgumama fatshe hararo ka letsatsi, a rapela, a leboha Modimo wa hae, jwalokaha a ne a nnile a etsa pele ho moo.


Ka nako eo, Jesu a tswela pele, a re: “Ke a o boka, Ntate, Morena wa lehodimo le wa lefatshe, hobane ditaba tsena o di patetse ba bohlale le ba sedi, mme o di senoletse ba jwaloka bana.


Ka yona nako eo, Jesu a nyakalatswa ke Moya o Halalelang, a re: “Ke a o boka, Ntate, Morena wa lehodimo le wa lefatshe, hobane ditaba tsena o di patetse ba bohlale le ba sedi, mme o di senoletse masea. E, Ntate, hobane o kgahlilwe jwalo.


Yaba ba tlosa letlapa, mme Jesu a lelaletsa mahlo hodimo, a re: “Ntate, ke a o leboha ha o nkutlwile.


A re leboheng Modimo, ya re neang tlholo kamehla ka Kreste, mme ya utlwahatsang ka rona, dibakeng tsohle, monko o monate wa ho mo tseba,


A re leboheng Modimo ka mpho ya hae e ke keng ya lekanngwa!


Ke leboha ya mmatlafaditseng, e leng Kreste Jesu Morena wa rona, hobane o nkukile ke le ya tshepahalang, a ba a nkgethela ho ba mosebeletsi wa hae,


Nna Johanne, ke dumedisa dikereke tse supileng tse Asia, ke re: Le ke le newe mohau le kgotso ke ya leng teng, ya bileng teng, ya tlang ho tla; le ke meya e supileng e emeng kapele ho terone ya hae;


“Ke nna Alfa le Omega,” ho rialo Morena Modimo, ya leng teng, ya bileng teng, ya tlang ho tla, ya matla wohle.


Jwale lengeloi la bosupa la letsa terompeta, mme lehodimong ha utlwahala mantswe a phahameng, a reng: “Puso ya lefatshe e se e le ya Morena wa rona, le ya Mesia wa hae, mme o tla busa kamehla le mehla.”


Ba ne ba bina sefela sa Moshe, mohlanka wa Modimo, le sefela sa Konyana, ba re: “Mesebetsi ya hao e meholo, e tsoteha hakaakang, Morena Modimo ya matla wohle! Ditsela tsa hao di lokile, ke tsa nnete, wena Kgosi ya ditjhaba.


Meya ena ke bademona ba etsang mehlolo, ba yang ho bokella dikgosi tsa lefatshe lohle, ho tla ntweng ya letsatsi le leholo la Modimo ya matla wohle.


Ka utlwa lengeloi le laolang metsi le re: “Wena ya leng teng, ya bileng teng, Ya Halalelang, o Ya Lokileng, hobane o ahlotse tjena.


Jwale ka utlwa aletare e re: “E, Morena Modimo ya matla wohle, dikahlolo tsa hao ke tsa nnete, di lokile.”


Ka baka leo, dikotlo tsa yona di tla e tlela, di e tlele ka tsatsi le leng, lefu, mahlomola, le tlala, mme e tla tjheswa lore! Hobane Morena Modimo ya e ahlolang o matla.”


Jwale ka bona lehodimo le butswe, ka ba ka bona pere e tshweu, mopalami wa yona e le ya bitswang Ya Tshepahalang, Wa Nnete; o na le toka ha a ahlola, leha a lwana.


Ka boela ka utlwa ho kang modumo wa letshwelehadi, ho kang modumo wa metsi a lewatle, le ho kang modumo wa letolo le matla, ho re: “Haleluja! O a busa Morena, Modimo wa rona ya matla wohle.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ