Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Sefela sa Salomone 2:3 - BIBELE

3 Ha moratuwa a le hara bahlankana, o ka fate sa apole hara fate tsa meru. Ke thabela ho phomola moriting wa hae; tholwana hae e a hlabosa ha ke e latswa.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

3 Kamoo sefate sa apole se leng kateng hara difate tsa moru, moratuwa wa me o jwalo hara bahlankana; thato ya me ke ho dula moriting wa hae, tholwana ya hae e monate mahalapeng a me.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Sefela sa Salomone 2:3
34 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Pelong ya ka ho tletse taba tse monate, ke bolela tseo ke di qapetseng kgosi, leme la ka le ka lesiba la sengodi, siba la sengodi se mahlahahlaha.


O motle ho feta bana bohle ba batho, molomo wa hao o a kgahleha, hobane Modimo o o hlohonolofatsa kamehla.


Pesalema ya Davida. Taelo ho motsamaisi wa dibini: E binwe ka mmino wa sefela sa “O se ke wa senya”. Ke ya mohla Davida a neng a etswa lehaheng, a baleha Saule.


Morena, mahodimo a a boka, a boka dimakatso tsa hao, a bolela botshepehi ba hao phuthehong ya bahalaledi.


Ya phelang tshireletsong ya Ya Hodimodimo, ya ahileng moriting wa Ya Matla wohle,


O motle hakaakang, wena moratuwa! E, ruri o motle, o a rateha! Moalo wa rona o ka jwang bo botalana!


Mmatlafatseng ka mangangajane a morara, le nkgathlolose ka ho mpha diapole, hoba rato ke lena le mphokodisitse.


Dikgarenate ke dimela tsa tshimo ya hao, tholwana tsa tsona, ka monate, di a babatswa! Mmasa le dinareta le tsona di a fumanwa.


Tsoha wena moya wa leboya, ako tle le wena moya wa borwa! Puputlelang ka serapeng sa ka, menkwane ya sona e phatlallele hohle, moratuwa a ke a tle ka rapeng sa hae, a je tholwana tse monate ka ho fetisa!


Polelo tsa hae tsona ke tse mathe-malodi, athe ha e le yena ke tjaka, o a rateha. Enwa ke yena moratuwa wa ka, enwa ke yena motswalle wa ka, lona baradi ba Jerusalema.


Apole tsa moratiso di nkga hamonate, tholwana tsa mefuta yohle di pela monyako wa rona; tholwana tse ntjha le tholwana tsa kgale ke o boloketse tsona, wena moratuwa.


Solomone o na ena le serapa, rapa sa morara Baale-Hamone, rapa sena sa hae a se hirisetsa balemi; hore balemi ba tle ba kotule tholwana tsa tshimo eo, molemi ka mong a lefa shekele tsa silefera di le sekete.


Nna tshimo ya ka ya morara ke ena, wena, Solomone, nka shekele di le sekete, seabo sa balemi ke makgolo a le mabedi.


Ke mang eo ya tswang lehwatateng, a itshetlehile ka moratuwa wa hae? Tlasa sefate sa apole ke ile ka o tsosa, hona moo mmao a o emoletseng teng, hona moo mmao a o belehetseng teng.


hobane o bile setshabelo ho mafutsana, wa ba setshabelo ho bahloki tsietsing tsa bona, wa ba mosireletsi nakong ya difefo, wa ba moriti hara lebatama la letsatsi. Moya wa ya sehloho o ka sefefo se thula lebota,


Kgosi ka nngwe e tla ka lephephe ha moya o puka, e ke setshabelo nakong ya sefefo, e ke nokana tsa metsi lehwatateng, e ke moriti wa lefika naheng e omeletseng.


Mehleng eo Lehlomela la Morena le tla atleha le tlokome. Setjhaba sohle sa Iseraele se ileng sa phonyoha se tla thabela dijalo tse behwang ke naha.


Tlotla eo ya hae e tla sireletsa motse motjhesong wa letsatsi, e be motse oo ho tshabelwang ho wona mohla dipula le difefo.


Difate tsa mefuta yohle tsa ditholwana di tla mela mabopong a noka. Mahlaku a tsona a ke ke a pona, di tla beha ditholwana kamehla. Di tla beha ka kgwedi e nngwe le e nngwe, hobane di nwesetswa ke metsi a tswang Sehalalelong. Ditholwana tsa tsona di tla jewa, mahlaku a tsona a phekole.”


Fate tsa morara di se di omeletse, fate tsa feiye tsona di ponne, fate tsa kgarenate, tsa palema le tsa diapole: Difate tsohle tsa naha di omeletse. Ruri batho ba feletswe ke monyaka.


Re tadimeng ho Jesu, moqadi le mophethahatsi wa tumelo ya rona. Ke yena eo, ka baka la thabo eo a neng a e lebeletse, a ileng a mamella mahloko a sefapano, a se ke a natsa ho tlontlollwa ka sona, mme jwale o dutse ka letsohong le letona la terone ya Modimo.


“Empa leoka la re ho difate: ‘Haeba le fela le ntlotsa hore ke be kgosi ya lona, tloong, le tshabele moriting wa ka, empa haeba le sa etse jwalo eka mollo o ka tswa meutlweng ya ka, wa tjhesa difate tsa dikedare tsa Lebanone.’


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ