Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Sakaria 8:14 - BIBELE

14 Morena wa mabotho o bua tjena: “Jwalokaha ke ile ka rera ho le dihela koduwa, mme ka hloka mohau ha bontata lona ba ne ba nkgalefisitse,” ho rialo Morena wa mabotho,

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

14 Hobane ho itswe ke Jehova wa makgotla: Jwalokaha ke ne ke hopole ho le etsa hampe, mohla bontata lona ba nkgalefisitseng, ho bolela Jehova wa makgotla, mme ke sa kang ka fetoha,

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Sakaria 8:14
12 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Empa ba soma maqosa ao a Modimo, ba nyedisa dipolelo tsa hae, ba bapala ka baporofeta ba hae, ho fihlela kgalefo ya Morena e ba tlokomela hoo ho neng ho se ho se pheko.


Merero ya Morena e tiile kamehla, mehopolo ya pelo ya hae ke ya kamehla.


Morena wa mabotho o hlapantse, a re: “Jwalokaha ke hopotse, ho tla ba jwalo; jwalokaha ke rerile, ho tla phethahala.


Motho eo a ke a tshwane le metse, metse eo Morena a ileng a e timetsa ho se mohau. Motho eo a ke a utlwe dillo e sa le ka matjeke, mokgosi wa ntwa a o utlwe ha tadi e anyesa,


Ke tseba merero eo ke le reretseng yona,’ ho rialo Morena, ‘merero e metle e seng e mebe, merero ya ho le nea tshepo le bophelo ba kamoso.


Jwalokaha ke ile ka hlokomela hore ke ba falatse, ke ba dihe, ke ba lahlele fatshe, ke ba ripitle, ke ba hlokofatse, ka mokgwa o jwalo ke tla hlokomela hore ke ba tsitsise, ke ba hodise,” ho rialo Morena.


“Morena o bua tjena: Jwalokaha ke ile ka dihela setjhaba sena koduwa ena yohle, ka mokgwa o jwalo ke tla se tlisetsa tsohle tse molemo, tseo ke se tshepisitseng tsona.


Kahoo lefatshe le tla ba le bofifi, mahodimo a hodimo le wona a fifale, hobane ke boletse, ke se ke rerile, nke ke ka fetoha kapa ka tjhetjha.”


“ ‘Ke nna Morena ya buileng. Nako ya hore ke nke bohato e fihlile, nke ke ka o utlwela bohloko, leha e le ho o hauhela. O tla ahlolwa ho ya ka boitshwaro ba hao le diketso tsa hao, ho rialo Morena.’ ”


“Morena o ne a halefele baholoholo ba lona haholo.


Ka bahlanka ba hae, e leng baporofeta, Modimo o ile a nea baholoholo ba lona melao le ditaelo, empa ba se ke ba mamela, yaba Modimo o a ba otla. “Jwale ba baka, ba re: ‘Morena wa mabotho o ne a rerile ho re otla ka baka la metsamao ya rona le diketso tsa rona, mme o fela a phethile jwalo.’ ”


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ