Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Sakaria 6:15 - BIBELE

15 “Batho ba tla tloha hole, ba tlo thusa ho haha Tempele ya Morena. Ke moo le tla tseba hore Morena wa mabotho o nthomme ho lona. Tsena tsohle di tla phethahala ha le ka mamela lentswe la Morena Modimo wa lona.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

15 Ba leng hole ba tla tla, ba hahe ntlo ya Jehova, mme le tla tseba hobane Jehova wa makgotla o nthomile ho lona; ho tla ba jwalo, ha le utlwa lentswe la Jehova, Modimo wa lona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Sakaria 6:15
20 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Tsebisa ba lokileng hore tsohle di tla loka, ba tla ja ditholwana tsa mesebetsi ya bona.


Bonang! Ba tla tla ba etswa hole, ba bang leboya, ba bang bophirimela, ba bang ba etswa naheng ya Sinime.”


ke etse hore maleme a bona a bine dithoko: ‘Kgotso, kgotso ho ba hole le ba haufi!’ Ke tla ba fodisa,” ho riala Morena.


“Baditjhaba ba tla tsosa marako a hao, dikgosi tsa bona di o sebeletse; le hoja ha ke halefile ke ile ka o otla, empa ka baka la lereko la ka ke o hauhetse.


Empa ke ne ke ba nee molao ona, ka re: Ntlhompheng, ke tla ba Modimo wa lona, mme lona le be setjhaba sa ka. Tsamayang ka ditsela tseo ke le laetseng ho tsamaya ka tsona, le tle le phele hamonate.


Lona batho bohle, kgutsang ha le le kapele ho Morena, hobane o tswa ka Tempeleng ya hae e halalelang.”


“Morena wa mabotho o bua tjena: ‘Ha o ka tsamaya ditseleng tsa ka, wa mamela ditaelo tsa ka, o tla okamela Tempele ya ka le mabala a yona, mme o tla ba mosebeletsi jwaloka banna bana ba emeng mona.


O be o bolelle Joshua hore Morena wa mabotho o bua tjena: ‘Monna ya bitswang Lekala ke enwa; o tla hlomela moo a leng hona teng, a hahe Tempele ya Morena.


Tshepiso ena e etseditswe lona, le bana ba lona, le bohle ba hole, ho ya kamoo Morena Modimo wa rona a ka ba bitsang kateng.”


empa jwale se senotswe ka Mangolo a boporofeta ho ya ka taelo ya Modimo ya sa feleng, se tsebisitswe ditjhaba tsohle, hore di tle di be le mamelo e tswang tumelong.


Feela le mamele lentswe la Morena Modimo wa lona, le boloke melao le ditaelo tsa hae, tse ngotsweng Bukeng ena ya Molao, mme le kgutlele ho Morena Modimo wa lona, ka dipelo tsa lona tsohle, le ka maikutlo a lona wohle.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ