Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Sakaria 14:4 - BIBELE

4 Mohla tsatsi leo, Morena o tla ema Thabeng ya Mehlwaare, e ka botjhabela ho Jerusalema. Thaba ya Mehlwaare e tla petsoha ka lehare, ho tloha botjhabela ho isa bophirimela, ho hlahe kgohlo e tebileng; karolo e nngwe ya thaba e tla ya leboya, e nngwe yona e ye borwa.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

4 Maoto a hae a tla ema, ka tsatsi leo, hodima thaba ya Mehlwaare e pela Jerusalema ka nqa botjhabela; mme thaba ya Mehlwaare e tla petsoha, ho qala ka bohare ho isa nqa botjhabela le nqa bophirimela, ho be ho hlahe kgohlo e kgolohadi; karolo e nngwe ya thaba e tla suthela nqa leboya, e nngwe e suthele nqa borwa.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Sakaria 14:4
16 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Davida a nyolosa moepa wa Thaba ya Mehlwaare, a ntse a lla. O ne a ikgurumeditse hlooho, a tsamaya a sa rwala letho maotong. Batho bohle ba neng ba ena le yena le bona ba ne ba ikgurumeditse dihlooho, mme ba nyoloha ba ntse ba lla.


Tlotla ya Morena ya tloha hara motse, ya fihla ya dula hodima thaba e ka botjhabela ho motse.


Ditlhapi tsa lewatle, le dinonyana tsa lehodimo, le dibatana tsa naha, le dihahabi tsohle, le batho bohle ba lefatsheng, tsena tsohle di tla thothomela kapele ho nna. Dithaba di tla bothalatswa, mafika a thetehe, le marako wohle a helehe.


Ka bona tlotla ya Modimo wa Iseraele e hlaha botjhabela. Lentswe la hae le ne le le jwaloka modumo wa metsi a hwasang, mme lefatshe le phatsima ke tlotla ya hae.


Ha a ema, lefatshe la sisinyeha, ha a tadima, merabe ya thothomela; dithaba tsa boholoholo tsa heleha, maralla a kgalekgale a batalla. Ditsela tsa hae ke tsa kamehla yohle.


Naha yohle e tla ba lehwatata ho tloha Geba ho ya fihla Rimone, ka borwa ho Jerusalema. Empa Jerusalema e tla phahamiswa, e nne e be tulong tsa yona, e leng ho tloha Kgorong ya Benjamine ho ya fihla Kgorong ya Pele, le ho ya Kgorong ya Sekgutlo; le ho tloha Toreng ya Hananele ho ya fihla ditlhotlelong tsa veine tsa kgosi.


E tla ba letsatsi le sa tshwaneng le a mang, letsatsi le tsejwang ke Morena feela, letsatsi le se nang nyene kapa bosiu. Ka phirimana kganya e tla nne e be teng.


Mohla tsatsi leo, metsi a bophelo a tla phalla a etswa Jerusalema, halofo ya wona e phallele lewatleng le ka botjhabela, halofo e nngwe yona e phallele lewatleng le ka bophirimela. Ho tla ba jwalo hlabula le mariha.


“Wena thabahadi towe! O eng? Kapele ho Serubabele o tla batalla feela, mme ho wena, yena o tla kgephola lejwe la ho qetela la Tempele, a le bee tulong tsa lona, ho ntse ho etswa ditlatse, ho thwe: ‘Le letle hakaakang! Le letle hakaakang!’ ”


Kannete ke a le bolella hore ha e mong a ka re ho thaba eo: ‘Sutha, o yo wela lewatleng,’ a se na pelaelo pelong ya hae, a mpa a dumela hore seo a se bolelang se tla etsahala, o tla se etsetswa.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ