Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Sakaria 14:20 - BIBELE

20 Mohla tsatsi leo, mantswe ana a tla ngolwa hodima ditshepe tse melaleng ya dipere, ho thwe: “Ke tse kgethetsweng Morena.” Dipitsa tsa ho pheha tse ka Tempeleng ya Morena, di tla ka mafiswana a kapele ho aletare.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

20 Ka tsatsi leo, ho tla be ho ngotswe diklokonyaneng tse dipereng: Kgalalelo ya Jehova; le tsona dipitsa tse ka tlung ya Jehova di tla ba jwaloka merifi e pela aletare.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Sakaria 14:20
43 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

le dikotlolo, le ditimamabone, le matlao, le dikgaba, le dipitsana tsa mokubetso tsa kgauta e hlwekileng, le dihokelo tsa kgauta tsa mamati a Sehahalelo sa halalelang ka ho fetisisa, le tsa mamati a ntlo, e leng Tempele.


A etsa le ditafole tse leshome, a di bea ka Tempeleng; tse hlano ka letsohong le letona, tse hlano ka ho le letshehadi. A etsa le dikotlolo tse lekgolo tsa kgauta.


Setjhaba sa hao se tla ithaopa, mohla o futuhelang dira tsa hao. Jwaloka phoka e lalang kameso, bahlankana ba tla tla ho wena maralleng a halalelang.


O tla e etsetsa mafiso, le mafiswana, le mepotjwana, le dinwelo tse sebediswang ha ho nyehelwa. Tsena di etswe ka kgauta e hlwekileng.


Ka kgauta e hlwekileng a etsa dijana tse tla bewa hodima tafole: mafiso, le mafiswana, le dinwelo, le mepotjwana e sebediswang ha ho nyehelwa.


Ba etsa moqhaka o halalelang ka kgauta e hlwekileng, mme hodima wona ba ngola jwalokaha ho ngolwa setempe sa bopaki, ba re: Mohalaledi wa Morena.


Phaello eo e tla e fumana ka kgwebo ya yona e tla e abela Morena. E ke ke ya boloka phaello eo ho ithuisa ka yona, empa e tla newa ba kgumamelang Morena, mme bona ba tla kgora, ba apare tse majabajaba.


Tsoha! Tsoha! O matlafale wena Sione! Wena Jerusalema, motse o halalelang, apara aparo tsa hao, aparo tse majabajaba, maqai le ba sesila ba ke ke ba hlola ba kena, ba kena ho wena.


Kgohlo yohle eo ho lahlelwang ditopo le molora ka ho yona, le naha yohle ho ya fihla molatswaneng wa Kiderone, le ho ya fihla sekgutlong se ka botjhabela, se bitswang Kgoro ya Dipere, naha eo yohle ho Morena e tla halalela. Motse oo o ke ke wa hlola o sa ripitlwa, leha e le ho timetswa le ka mohla.”


“ ‘Mohla le arolelanang naha ka lotho, le aba lefa, le kgethele Morena karolo e nngwe ya yona, e le sebaka se halalelang. Bolelele ba sona e be dikilomethara tse leshome le metso e mmedi le halofo, bophara ba sona e be dikilomethara tse leshome. Sebaka sena sohle e tla ba sebaka se halalelang.


Pitsa ya letsopa, e neng e phehile nama, eka kgona e pshatlwe, empa haeba e phehilwe ka pitsa ya tshepe, yona eka kgona e falwe, e hlatsuwe ka metsi.


A mo rwesa katiba hloohong, mme a bea moqhaka wa kgauta o halalelang hodima karolo e kapele ya katiba eo, jwalokaha Morena a ne a laetse Moshe.


“Ba phonyohileng ba tla ba thabeng ya Sione, yona e be sebaka se halalelang; ba ntlo ya Jakobo ba je lefa la bona.


Ho bona Morena o tla tshabeha, a fedise medingwana yohle ya lefatshe. Tjhaba tsohle tse mabopong di tla mo kgumamela, motho ka mong a mo kgumamele a le ha habo.”


Ena e tla ba yona kotlo ya Egepeta le kotlo ya ditjhaba tsohle tse sa nyoloheleng Jerusalema ho ya keteka Mokete wa Maphephe.


Morena o bua tjena: “Ke kgutlela Sione, mme ke tla aha Jerusalema. Kahoo Jerusalema e tla bitswa Motse wa Nnete, le thaba ya Morena wa mabotho e bitswe Thaba e Halalelang.”


Morena wa mabotho o tla ba sireletsa, dira tsa bona ba tla di timetsa, ba di hlole ka majwe a matjeketjane. Madi a tsona ba tla a nwa sa veine, ba sasamatse dimpa sa lefiswana le tletse, ba a kganathele sa manaka a aletare.


Ho tloha botjhabela ho isa bophirimela, lebitso la ka le tla ba leholo hara ditjhaba. Dibakeng tsohle ke tla nyehellwa ka sehlabelo sa mokubetso, le sa dinyehelo tse hlwekileng, hobane lebitso la ka le tla ba leholo hara ditjhaba,” ho rialo Morena wa mabotho.


Ba bee dijana tsohle tsa aletare hodima yona, tseo ba sebeletsang ka tsona, e leng dithotobolo, le difereko, le dikgarashwana, le dikotlolo, le dijana tsohle tsa aletare, ebe ba di kwahela ka letlalo la qibi, ba nto e kgwesa mefenng ya yona.


“Hodima tafole e beang bohobe bo halalelang, ba ale lesela le leputswa, mme hodima lona ba bee mafiso, le mafiswana le mepotjwana, le dinwelo tse sebediswang ha ho nyehelwa. Bohobe ba nyehelo bo be hodima tafole.


Nyehelo ya hae ya eba mokeke o le mong wa silefera, oo boima ba wona e neng e le kilo e le nngwe le halofo; le sekotlolo se le seng sa silefera, seo boima ba sona e neng e le dikeramo tse makgolo a robedi, tse lekantsweng ka tekanyo e sebediswang ka Sehalalelong. Bobedi ba tsona di ne di tletse phofo e thumisehileng, e dubilweng ka ole, e le nyehelo ya dijo.


A etsa nyehelo ya mokeke o le mong wa silefera, oo boima ba wona e neng e le kilo e le nngwe le halofo; le sekotlolo se le seng sa silefera, seo boima ba sona e neng e le dikeramo tse makgolo a robedi, tse lekantsweng ka tekanyo e sebediswang ka Sehalalelong. Bobedi ba tsona di ne di tletse phofo e thumisehileng, e dubilweng ka ole, e le nyehelo ya dijo.


Leha ho le jwalo, fanang ka se tswang botebong ba pelo, mme bonang, tsohle di tla be di hlwekile ho lona.


Lentswe la bua le yena kgetlo la bobedi, la re: “Tseo Modimo a di hlwekisitseng, wena o se ke wa re di a ileha.”


A re ho bona: “Ha ke re le tseba kamoo ho sa dumellehang kateng hore monna wa Mojuda a tlwaelane le moditjhaba, kapa a mo tjhakele? Empa nna Modimo o mpontshitse hore ha ho motho ya ilehang kapa ya sa hlwekang.


“Lentswe le tswang lehodimong la bua kgetlo la bobedi, la re: ‘Tseo Modimo a di hlwekisitseng, o se ke wa re di a ileha.’


Ha a a ka a kgetholla pakeng tsa rona le bona, o hlwekisitse dipelo tsa bona hobane ba ile ba dumela.


Eng kapa eng eo le e etsang kapa le e bolelang, le e etse lebitsong la Morena Jesu, mme ka yena le lebohe Modimo Ntata lona.


Tloong le le majwe a phelang, a sebediswang ho haha tempele ya moya. Le be baprista ba halalelang, ba nyehellang Modimo ka mahlabelo a moya, a amohelehang ho yena ka Jesu Kreste;


Empa lona le moloko o kgethehileng, le baprista ba Morena, le mofuta o halalelang, le setjhaba seo a se ruileng. Le kgethetswe ho bolela dintle tsa ya le ntshitseng lefifing, a le bitsetsa leseding la hae le hlollang.


Ya buang a bue tsa Modimo; ya sebeletsang a sebeletse ka matla ao a a filweng ke Modimo; e le hore Modimo a tle a tlotliswe dinthong tsohle ka Jesu Kreste, eo tlotla le matla e leng tsa hae kamehla le mehla. A ho be jwalo!


ya re entseng mmuso le baprista ba sebeletsang Modimo Ntatae, e be tlotla le matla, kamehla le mehla. A ho be jwalo!


Ho lehlohonolo, mme ho halalela ba nang le kabelo tsohong ya pele ya bafu. Lefu la bobedi ha le sa na matla hodima bona, empa e tla ba baprista ba Modimo le ba Kreste, mme ba tla busa le yena ka dilemo tse sekete.


O ba entse mmuso le baprista ba tla sebeletsa Modimo wa rona, mme ba buse lefatshe.”


Mohlanka eo a hlabe ka yona ka paneng, kapa ka ketleleng, kapa ka sejaneng, kapa ka pitseng. Nama yohle eo fereko e tlang e e hlabile e ne e ye e nkwe ke moprista. Ba ne ba ye ba etse jwalo ho Baiseraele bohle ba neng ba etla moo Shilo.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ