Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Sakaria 14:18 - BIBELE

18 Haeba setjhaba sa Egepeta se sa nyolohe ho ya kgumamela Kgosi, Morena wa mabotho, pula e ke ke ya na naheng ya sona; se tla welwa ke lefu la sewa, leo ka lona Morena a bolayang ditjhaba tse sa nyoloheleng Jerusalema, ho ya keteka Mokete wa Maphephe.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

18 Ba moloko wa Egepeta ha ba sa nyolohe, ba sa tle, le bona ba tla otlwa ka kotlo eo Jehova a tlang ho otla ka yona ditjhaba tsohle tse sa nyoloheng ho etsa mokete wa Metlotlwane.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Sakaria 14:18
8 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Tjhaba sa mmuso o ke keng wa o sebeletsa, se tla timela, e, tjhaba seo se tla fela se timelle ruri.


Morena o re: “Batho bohle ba tla nkgumamela, ba nkgumalele ha kgwedi ka nngwe e thwasa; ba nkgumamele ka Sabatha se seng le se seng.


“Bua le bana ba Iseraele, o re: ‘Ka letsatsi la leshome le metso e mehlano la kgwedi ya bosupa, ke mokete wa maphephe, o ketekelwang Morena ka matsatsi a supileng.


Masalla a Jakobo a tla ba teng, a be teng hara ditjhaba, a be teng hara merabe e mengata, a be jwaloka tau hara dibatana tsa meru, a be jwaloka tawana hara mehlape ya dinku, tawana e fetang e harola, e tsekolla, empa ho se ya ka pholoswang, ya ka pholoswang tleneng tsa yona.


Lena ke lona lefu la sewa, leo ka lona Morena a tla otla ditjhaba tsohle tse lwantshitseng Jerusalema: Dinama tsa tsona di tla bola, tsona di ntse di phela, mahlo a tsona a sale e le mehoboko, le maleme a tsona a bolle mahalapeng a tsona.


Lefu la sewa le tshwanang le lena le tla bolaya dipere, le dimmeile, le dikamele, le ditonki, le diphoofolo tsohle tse ka diahelong tseo.


Ena e tla ba yona kotlo ya Egepeta le kotlo ya ditjhaba tsohle tse sa nyoloheleng Jerusalema ho ya keteka Mokete wa Maphephe.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ