Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Sakaria 14:13 - BIBELE

13 Mohla tsatsi leo, Morena o tla etsa hore batho ba tshohe haholo. Motho o tla tshwara wa habo ka letsoho, mme ba tla lwantshana.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

13 Ka tsatsi leo, moferefere o moholo o tswang ho Jehova o tla ba teng hara bona, e mong le e mong a tshware letsoho la e mong, letsoho la hae le phahamele hodima letsoho la wa habo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Sakaria 14:13
8 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ke tla dihela Gogo dikoduwa ka mefuta ya tsona dithabeng tsohle tsa ka, ho rialo Morena Modimo. Motho ka mong o tla bolaya ngwanabo ka sabole.


Nke ke ka hlola ke hauhela baahi ba lefatshe,” ho rialo Morena. “Ke tla neelana ka e mong le e mong ho ya ahisaneng le yena, le ho kgosi ya hae. Ha naha e hatakelwa, ha nka ke ka e namolela matsohong a bona.”


Mohla tsatsi leo, ke tla tshosa pere e nngwe le e nngwe, ke hlantshe mopalami wa yona,” ho rialo Morena. “Ke tla ela sedi ba ntlo ya Juda, ebe ke foufatsa dipere tsohle tsa ditjhaba.


Juda le yona e tla lwantsha Jerusalema. Maruo a ditjhaba tsohle tse e potapotileng a tla bokellwa hammoho: Kgauta e ngata le silefera e ngata, le diaparo tse ngata haholo.


Ha Baiseraele ba letsa manaka a makgolo a mararo, Morena a etsa hore Bamidiane ba hlabane ka disabole, hara lebotho lohle la bona. Lebotho leo la baleha, la ya fihla Bete-Shita, nqa Serera, le ho ya fihla moeding wa Abele-Mehola, pela Tabate.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ