Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Numere 5:8 - BIBELE

8 Empa haeba motho ya sitetsweng a se na moneketsela oo tefo ya molato e ka iswang ho wona, tefo eo ya molato e tla lefelwa Morena, mme e tla ba ya moprista. Tefo ena ke e kathoko ho pheleu ya tefelo ya sebe, eo moprista a tla mo etsetsa tefelo ya sebe ka yona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

8 Ha ekaba eo a se na banababo ba ka buseletswang ntho eo, tefo e lefshwang e tla ba ya Jehova, newe moprista, le yona pheleu ya pheko eo ho tla etswa pheko ka yona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Numere 5:8
8 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ha e le tjhelete ya nyehelo e tlosang tshito le e tlosang sebe, yona e ne e sa tliswe ka Tempeleng ya Morena; e ne e le ya baprista.


Hape o tla lefa tseo a itshietseng tsona tsa tse halalelang, a be a di eketse ka karolo tse mashome a mabedi ho tse lekgolo. A di nee moprista, mme moprista o tla mo etsetsa tefelo ya sebe ka pheleu ya nyehelo e tlosang molato, mme motho eo o tla tshwarelwa.


Le ntho efe le efe eo a e hlapanyeditseng ka leshano, o tla e busetsa ka ho tlala, a be a eketse ka karolo tse mashome a mabedi ho tse lekgolo; a e nee mong a yona mohla a ipoletseng hore o molato.


“ ‘Molao wa sehlabelo sa ho tshwarelwa dibe, le wa nyehelo ya tefelo ya sebe o mong feela. Sehlabelo seo moprista a etsang tefelo ya sebe ka sona ke sa hae.


O tla ipolela sebe seo a se entseng, a lefe molato wa hae ka ho tlala, mme a be a eketse tefo eo ka karolo ya yona ya bohlano, a e nee eo a mo sitetsweng.


Nyehelo e nngwe le e nngwe e phahamisetswang hodimo, ya dintho tsohle tse halalelang tsa bana ba Iseraele, eo ba e tlisetsang moprista eo, e tla ba ya moprista.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ