Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Numere 35:8 - BIBELE

8 Ha e le metse ya lefa la bana ba Iseraele, eo o tla e abela Balevi, o tla nka e mengata ho ba leng bangata, o nke e mmalwana ho ba leng mmalwana. Morabe o mong le o mong o tla nea Balevi metse ya wona ho lekana lefa leo o le fumaneng.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

8 Bakeng sa metse eo, le tla e nka mafeng a bana ba Iseraele; ba nang le metse e mengata, ba tla nea e mengata, empa ba nang le metse e seng mekae ba tla nea e seng mekae; e mong le e mong o tla nea Balevi metse ya hae ka palo e lekaneng le lefa leo a tlang ho le rua.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Numere 35:8
11 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ho rohakwe bohale ba bona, hobane bo ne bo tshabeha; le kgalefo ya bona, hobane e ne e se na mohau! Ke tla ba qhalakanya hara bana ba Jakobo, ke ba hasanye hara fatshe la Iseraele.


Balevi ba siya dibaka tsa bona le maruo o bona, ba fallela naheng ya Juda le Jerusalema, hobane bo-Jeroboame le bara ba hae ba ne ba ba hanela ho etsetsa Morena ditshebeletso tsa bona tsa boprista.


Ha ba etsa tekanyo ka dilethara tse pedi, ya neng a bokeletse haholo a se ke a sallwa ke letho; le ya neng a bokeletse hanyenyane a se ke a haellwa ke letho; e mong le e mong o ne a bokeletse ho lekaneng hore a je.


“ ‘Metseng ya Balevi teng, matlo a metseng ya bona a ka lopollwa ka dinako tsohle.


Morabe o nang le batho ba bangata o o abele karolo e kgolo, mme o nang le batho ba mmalwana o o abele karolo e nyenyane ya naha. Morabe o mong le o mong o abelwe lefa ho ya ka palo ya ba badilweng.


Naha eo e tla ba lefa la lona, mme le tla e arola ka lotho, ho ya ka malapa abo lona. Ba bangata o ba abele karolo e kgolo, ba mmalwana o ba abele karolo e nyenyane. Kamoo lotho le tla kgethela motho kateng, lefa le ajwe jwalo. Naha eo e tla ba ya lona ho ya ka merabe ya bo-ntata lona.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ