Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Numere 35:25 - BIBELE

25 Phutheho e tla lokolla mmolai matsohong a mophetetsi wa madi a tsholotsweng, e mmusetse motseng oo ho tshabelwang ho wona, moo a neng a balehetse teng. Mmolai eo o tla dula motseng oo ho fihlela Moprista e Moholo, ya neng a tlotsitswe ka ole e halalelang, a eshwa.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

25 Phutheho e tla lokolla mmolai matsohong a mophetetsi wa madi, mme e tla mo kgutlisetsa motseng wa setshabelo oo a neng a balehetse ho wona. O tla aha teng, ho be ho shwe moprista e moholo ya bileng a tlotswa ka ole e kgethehileng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Numere 35:25
15 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Bohle re tlameha ho shwa. Re jwaloka metsi a qhaletsweng fatshe, a ke keng a hlola a bokellwa. Le yena Modimo ha a furalle batho, empa o etsa matsapa a hore ya lelekilweng ke batho a se ke a lahlwa ke Modimo.


O nke ole ya ho tlotsa, o e tshele hodima hlooho ya hae, ebe o a mo tlotsa.


“ ‘Moprista e Moholo, ya ileng a tshelwa hloohong ka ole e tlotsang, ya ileng a halaletswa hore a tle a apare diaparo tsa boprista, a se ke a tlohela moriri wa hae wa hlantholoha, mme a se ke a hahola diaparo tsa hae.


“ ‘Haeba ya etsang sebe e le moprista ya tlotsitsweng, mme kahoo a dihela setjhaba sebeng, o tla tlisetsa Morena pohwana e se nang sepha, mme a etse sehlabelo ka baka la sebe sa hae.


A tshela ole hodima hlooho ya Arone, a mo tlotsa hore a halalele.


phutheho e tla ahlola pakeng tsa mmolai le mophetetsi wa madi, ho ya ka melao ena.


“ ‘Empa haeba neng kapa neng mmolai a ka tswela kantle ho moedi wa motse oo a balehetseng ho wona,


hobane mmolai o ne a tshwanetse ho dula motseng oo a tshabetseng ho wona ho fihlela Moprista e Moholo a eshwa. Kamora lefu la Moprista e Moholo ke hona mmolai a ka kgutlelang naheng ya habo.


O tla phela motseng oo ho fihlela a emiswa kapele ho phutheho hore e mo ahlole, le ho fihlela eo e leng Moprista e Moholo nakong eo a eshwa. Jwale mmolai a ka kgutlela motseng wa habo, le tlung ya hae, moo a neng a balehe teng.’ ”


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ