Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Numere 35:19 - BIBELE

19 Mophetetsi wa madi a tsholotsweng o tla bolaya mmolai eo ka boyena. Ha a kopana le yena a mmolaye.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

19 Mophetetsi wa madi o tla bolaya mmolai; mohla a teanang le yena, o tla mmolaya.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Numere 35:19
16 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Bona, kajeno o ntelekile naheng ena, mme nke ke ka hlola ke bona sefahleho sa hao. Ke tla ba mmalehi le moleleri lefatsheng, mme ho tla etsahala hore ya mponang a mpolaye.”


Yaba mosadi o re: “Ke a o rapela: E se eka kgosi e ka rapela Morena Modimo wa yona, a thibela mophetetsi wa madi a tsholotsweng, hore a se ke a timetsa mora wa ka.” Kgosi ya re: “Ke hlapanya ka Morena ya phelang, leha e le qoba e le nngwe feela ya moriri wa mora wa hao, e ke ke ya wela fatshe!”


Jwale lelapa lohle le tsohetse lekgabunyane la hao matla, mme le re: ‘Neelana ka ya bolaileng ngwanabo, re mmolaye, hobane o bolaile ngwanabo; re be re bolaye le yena mojalefa wa hae.’ Ka mokgwa ona ba tla mpolaela ngwana ya seng a ntshaletse, ebe lebitso la monna wa ka le a fela lefatsheng.”


Hoba Abinere a fihle Heborone, Joabe a mo nkela kathokwana ho kgoro ya motse, yaka o ilo bua le yena ka lekunutu, yaba o mo phehletsa mpeng, a mmolaya ho phetetsa madi a Asaele, ngwanabo.


Ka mokgwa o jwalo Joabe le ngwanabo Abishai ba bolaya Abinere, hobane o ne a ile a bolaya ngwanabo bona Asaele, ha ba le ntweng Gibeone.


Metse ena e tla ba setshabelo sa lona ho mophetetsi, e le hore mmolai a tle a se ke a bolawa a eso hlahiswe kapele ho setjhaba hore a ahlolwe.


kapa haeba a mmatile ka molamu oo a o tshwereng, eba motho eo o a shwa, eo ya mmolaileng ke mmolai, mme mmolai enwa o tshwanetse ho bolawa.


“ ‘Haeba a kgorohela motho ka baka la lehloyo feela, kapa a mmetsa ka ho hong, a mo laletse, eba eo o a shwa;


kapa haeba a ka mo otla ka setebele ka baka la bora, mme eba eo o a shwa, eo ya mmolaileng ruri o tla bolawa, hobane ke mmolai. Mophetetsi wa madi a tsholotsweng o tla bolaya mmolai eo ha a kopana le yena.


phutheho e tla ahlola pakeng tsa mmolai le mophetetsi wa madi, ho ya ka melao ena.


eba mophetetsi wa madi a tsholotsweng o mo fumana kantle ho moedi wa motse oo a tshabetseng ho wona, mme mophetetsi eo wa madi a tsholotsweng o a mmolaya, ha a na ho ba le molato wa ho tsholla madi,


baholo ba motse wa habo ba tla romela batho ho mo lata moo, ba mo nee mophetetsi wa madi a tsholotsweng hore a mmolaye.


Mophetetsi wa madi a tsholotsweng a se ke a lelekisa mmolai eo, a sa ntsane a befile haholo, a mo tshwara, haeba tsela e le telele, a mmolaya; athe o ne a sa lokela ho shwa, hobane ka nako e fetileng e ne e se sera sa mmolauwa.


Ke moo motho ya ka bolayang motho e mong e se ka morero, a sa hlokomela, a tla tshabela teng. Metse eo e tla ba eo le tshabelang ho yona, ho baleha mophetetsi wa madi.


Haeba mophetetsi wa madi a ka mo lelekisa, ha ba na ho neelana ka yena matsohong a mophetetsi eo, hobane mmolai o bolaile wa habo e se ka morero, mme le pele ho moo a ne a sa mo hloya.


A re ho bona: “Bao e ne e le bana beso, ba tswetsweng ke mme. Ke hlapanya ka Morena ya phelang, hore hoja la se ke la ba bolaya, le nna ke ne nke ke ka le bolaya.”


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ