Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Numere 35:12 - BIBELE

12 Metse ena e tla ba setshabelo sa lona ho mophetetsi, e le hore mmolai a tle a se ke a bolawa a eso hlahiswe kapele ho setjhaba hore a ahlolwe.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

12 Metse eo e tla ba ditshabelo tsa ho balehela mophetetsi wa madi, mmolai a tle a se ke a bolawa a eso ho hlahe pela phutheho a ahlolelwa teng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Numere 35:12
10 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Jwale lelapa lohle le tsohetse lekgabunyane la hao matla, mme le re: ‘Neelana ka ya bolaileng ngwanabo, re mmolaye, hobane o bolaile ngwanabo; re be re bolaye le yena mojalefa wa hae.’ Ka mokgwa ona ba tla mpolaela ngwana ya seng a ntshaletse, ebe lebitso la monna wa ka le a fela lefatsheng.”


Metse ena e tsheletseng, eo le tla e aba, e tla ba metse eo le tla tshabela ho yona.


Mophetetsi wa madi a tsholotsweng o tla bolaya mmolai eo ka boyena. Ha a kopana le yena a mmolaye.


“Mmolai ya tla tshabela moo, hore a ipholose, ke ya tjena: ke ya bolayang e mong e se ka morero, mme eo e ne e se sera sa hae ka nako e fetileng.


Mophetetsi wa madi a tsholotsweng a se ke a lelekisa mmolai eo, a sa ntsane a befile haholo, a mo tshwara, haeba tsela e le telele, a mmolaya; athe o ne a sa lokela ho shwa, hobane ka nako e fetileng e ne e se sera sa mmolauwa.


“Bua le bana ba Iseraele, o re: ‘Ikgetheleng metse eo ho tla tshabelwa ho yona, eo ke buileng ka yona ho lona, ka molomo wa Moshe.


Ena ke yona metse e ileng ya kgethelwa bana bohle ba Iseraele, le bajaki ba jakileng hara bona. Ho yona ho tla balehela mang kapa mang ya ka bolayang motho e se ka morero, hore a se ke a bolawa ke mophetetsi wa madi, ho fihlela mmolai a emiswa kapele ho phutheho.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ