Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Numere 34:13 - BIBELE

13 Moshe a laela bana ba Iseraele, a re: “Ena ke yona naha eo le tla e arolelana ka lotho, hore e be lefa la lona; eo Morena a laetseng hore e newe merabe e robong, le karolo e nngwe ya morabe wa Manase.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

13 Moshe a nea bana ba Iseraele taelo eo, a re: Ke yona naha eo le tla arolelana yona ka lotho, eo Jehova a laetseng hore e newe meloko e robileng mono o le mong le halofo ya moloko.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Numere 34:13
10 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ka lona tsatsi leo Modimo a etsa selekane le Aborame, a re: “Ditloholo tsa hao ke tla di nea naha ena, ho tloha nokaneng ya Egepeta ho isa Nokeng e Kgolo, e leng ya Euferatese;


“ ‘Mohla le arolelanang naha ka lotho, le aba lefa, le kgethele Morena karolo e nngwe ya yona, e le sebaka se halalelang. Bolelele ba sona e be dikilomethara tse leshome le metso e mmedi le halofo, bophara ba sona e be dikilomethara tse leshome. Sebaka sena sohle e tla ba sebaka se halalelang.


Kahoo kahara phutheho, phutheho ya Morena, ha ho na ho ba le motho le ya mong ya tla le arolela naha ka lotho.


Feela ba arolelwe naha ena ka lotho. Ba tla arolelwa naha ena ho ya ka mabitso a merabe ya bo-ntata bona.


Moedi o tla sika ka Jorodane, o be o yo fella Lewatleng la Letswai. “ ‘Ena e tla ba yona naha ya lona le meedi e e potapotileng.’ ”


Sebaka se seng le se seng seo le tla tsamaya ho sona, e tla ba sa lona. Meedi ya lona e tla tloha lehwatateng, le Lebanone, le ho tloha Nokeng, e leng noka ya Euferatese, ho ya fihla lewatleng le ka bophirimela.


Ka baka lena, abela merabe ena e robong, le karolo e nngwe ya morabe wa Manase, naha ena, hore e be lefa la yona.”


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ